Makorotswana

©Alice Notten of Kirstenbosch

Oli ya makorotswana Pelargonium capitatum x radens (rose) - ke e yona mofuta wa makorotswana e ratehang ho mefuta e 700 ya makorotswana e kotulwang mme ke motswako wa makorotswana a mabedi ho tswa ho e meraro e hlahisang oli. Ho na le pherekano ka lebitso, hobane sejalo ke lehlwele empa tlhophiso ya markorotswana e bile yona e sebediswang ho hlophisa sejalo sena.

Sejalo sena ke sa Aforika Borwa moo baSotho ba sebedisang mahlaku a sona ho etsa hlama tekge e sebediswang ho phekola diso le maqeba. Mokgwa o tlwaelehiieng wa tshebediso ke ho phekola mahlaba a lehatlelo le mathata a ho tjha ha madiba mme e ka sebediswa hape kgohlano le tshitabelo hobane e lekalekanyisa dihoromone. E le sesebediswa ditlolong tsa botle, e loketse ho theosa setlolo se fetang tekano ebile se teha dipala ebile se lokisa methatswana e senyehileng. A sebediswa indasetereng ya dijo ho fana ka tatso haholoholo dijong tse mmala o pinki. Oli ya marokotswana e sebediswa kgohlanong le dikokwanahloko, ho ruruha ebile e qhela dikokwanyana ka ha e na le jeraneole le sitronelole.

Le ha he tswa Aforika Borwa, e lengwa haholo Intiya, Tjhaena le Egepeta. Mahlaki a kotulwa hararo kapa hane ka selemo ebile a hlwekiswa ka phufodi ho ntsha oli e foafoaneng e tala. Dibaka tse bohlokwa tsa tlhahiso tsa marokotswnan ke Mpumalanga, KwaZulu-Natal, Kapa Bophirima le Limpopo. Sejalo sena ha se hole hantle dibakeng tse batang.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.Translated by Seipati Mohapi