Lehlwa, mohodi le phoka ke mefuta e meng ya metsi e nang le seabo metsing a sebediswang sebakeng sa temo. Le ha e se mokgwa o ka sehloohong wa mohlodi wa metsi temong, lehlwa, mohodi le phoka di na le seabo ho theha sebaka se loketseng semela se itseng.
Ha lehlwa le kgetheha dibakeng tse tlase, eseng dithabeng feela, lehlwa le ba teng dibakeng tse hodimo pela equator- ha o lebile nqa 35°N le 35°S - e leng dikarolong tse leboya le hole le borwa bo hole tsa lefatshe.
Afrika Borwa e ka lehlakoreng le futhumetseng le le mahareng la mid-latitudes leboya la 35˚S - mme boholo ba naha ha bo fumane lehlwa ho hang. Ke dithaba tse phahameng feela tse fumanang lehlwa kgafetsa mariha a mang le a mang. Ho kgetheha ha lehlwa ho bobebe mme lehlwa le qhibidiha kapele kamora ho kgetheha. Lehlwa le bopeha marung a stratiform a teteaneng le ho ba boima a bileng a nesang pula e ngata.
Lehlwa le kgethehang le baka ho phalla ha metsi mme hona ho ba le seabo ho tlaleng ha matamo le ho boloka ho phalla ha dinoka mariha dibakeng tsa dipula tsa lehlabula. Papisong le pula, seabo sa lehlwa e le mohlodi wa metsi bakeng sa temo, se tlase haholo.
Koue Bokkeveld e haufi le Ceres profenseng ya Western Cape ke sona feela sebaka sa temo, se nang le dimela tse kang difate tsa ditholwana tse hlohlorehang mahlaku le ditapole, moo ho kgetheha ha lehlwa ho bang teng mariha dirapeng tsa ditholwana le masimong a dijalo.
Mohodi ke lera le letenya la marothodi a manyane a metsi a sepakapakeng se tlase - hangata ho fihlela fatshe. Mohodi o bonwa hangata lehlabula mme o ba teng mantsiboya ho fihlela hoseng haholo empa o fetohe mouwane ha motjheso o phahama. Dibakeng tse bilohang tsa maralla, o bonwa dibakeng tse tlase feela.
Mohodi o tlwaelehile haholo dibakeng tse phodileng Afrika Borwa, haholo lehlabula le dibakeng tsa mid-altitude tlase mothating wa naha. Sebaka se ratwang ke mohodi sa KwaZulu-Natala Midlands ke se seng sa dibaka tse tsejwang haholo tsa mid-altitude, se bopang sebaka se ikgethang sa ho phedisana ha diphoofolo le dimela tikolohong ya tsona profenseng eo. Mohodi o bang teng mathwasong a lehlabula o hlaloswa o le kotsi tlhahisong ya dimela sebakeng se ratwang ke mohodi sa KwaZulu-Natal. Dibaka tse ratwang ke mohodi ha di a lokela tlhahiso ya mmela, ka lebaka la mafu a kotsi a tshwanang le rust (mafome) le ergot, a kgonang ho phela hantle maemong a mongobo. Mafu ana a fungus a baka tjhefu, e ka amang dikgomo tse fulang mmela.
Ka lehlakoreng le leng, boemo bo mohodi bo hlaloswa bo loketse tlhahiso ya avocado, e leng semela se hlokang mongobo o mongata. Kahoo, mohodi o lokela ho hopolwa ha ho nkwa qeto ya semela se tlang ho jalwa sebakeng seo sa temo.
Phoka ke metsi ka mokgwa wa marothodi a manyane a metsi a bang teng dinthong tse dutseng kantle hoseng, empa ka nako tse ding ka phirimana. Ho fetoha hona ha phufodi ho ba metsi e be e ba marothodi, ho itshetlehile themphereitjhareng e itseng, hona ho bitswa ‘dew point’. Ha sebaka se runya motjheso mme motjheso wa sebaka seo o ba tlase ho ‘dew point, ho fetoha ha phufodi ho ba metsi ho a etsahala mme phoka e ba teng. Ho ba teng ha phoka ho hloka bosiu bo hlakileng, bo hlokang maru ebile bo sa fokeng moya.
Phoka e ba teng boholong ba dibaka tsa Afrika Borwa, le dibakeng tse ommeng haholo jwaloka bophirima le dibakeng tse kopaneng tse bohareng ba Afrika Borwa. Ho ba teng kgafetsa ha phoka ho baka ho eketseha ha mafu dimeleng tse kang ditapole, soybeans le moroho wa Swiss chard. Phoka e lalang mahlakung a semela, e fana ka monyetla o motle wa ho ba teng ha mafu a fungus.
Translated by Maletsatsi Sejake