Lebollo la ba Batona

Mesebetsi ya Bohlokwa ya Moetlo

©Dr Peter Magubane

Nako ya lebollo, eo e neng e le (ebile e ntse e le) bohareng ba mariha, e ne e itshetlehile ho boteng ba mora e moholo kapa setloholo se setona sa morena ho bashanyana ba lo bolla. E ne ba moetapele wa mophato le ho ba moetapele wa moshwelella wa sehlopha seo kapa dithaka tsa hae; ka tsela ena banna ba ne ba hokahane le borena. Matsatsi a mmalwa pele ho bodika, mosuwe (rabadia) le motlatsi wa hae (moditiana) ba ne ba thonngwa ke lekgotla la boreneng ho laola le ho tsamaisa mosebetsi ona. Ba ne ba phetha mesebetsi ya bona e le baromuwa ba morena.

Ngaka (thipana) le yona e ne e kgethwa ho bolotsa bashemane. O ne a lokela hore ebe motho ya tswang kantle, ho fokotsa kotsi ya boloi. Ka bosiu ba pele ba mosebetsi, badikana (bashanyana ba bollang mokgahlelong wa pele) ba ne ba fola mola o le mong, moetapele a eme kapele. Kamora hae, ho ya ka ho hlahlamana ha bona, ke ba bang ba kgoro ya boreneng, ba latelwe ke ba kgoro e hlahlamang, ho fihlela ho moshanyana ya hlahang kgorong ya boemo bo tlase.

Bashemane ba ne ba inama, mme ho ya ka ho hlahlamana ha bona, ba ne ba shapuwa thupa tse pedi tse matla mekokotlong ke mosuwe (rabadia). Taba ya ho shapuwa ho ya ka ho hlahlamana ha bona e ne e matlafatsa tlwaelo ya hore boemo bo ne bo fumanwa ka tlhaho feela, eseng ka matla kapa bokgoni. Motjha ona o ne o thatiselletsa mosebetsi wa lebollo setjhabeng sa Bapedi, e le ho ruta le ho kenyeletsa bashemane sehlotshwaneng sa bona sa lebollo.

Lebollo ba Bodika

©Dr Peter Magubane

Pele ho mafube a letsatsi le hlahlamang, ho ne ho butswelwa mmadipompo (phalafala), mme ka taelo ya mosuwe (rabadia) badikana ba ne ba ya nokeng, moo ba neng ba bolotswa ho ya ka ho hlahlamana ha bona. Kamora ho sehwa bashemane ba ne ba dula kahara metsi a batang a noka, e leng ho neng ho thusa ho fokotsa bohloko. Kamora ho phomola bashemane ba ne ba leba mophatong, hape ka tlhahlamano ya bona. Mophato o ne o ahilwe ka ditshiya tsa patsi mme maballo a tlangwa mmoho ka mokgwa wa ho a ‘loha’, ebe ho rulelwa ka jwang le makala.

O ne o na le menyako e mmedi, o le mong ka botjhabela, o neng o sebedisetswa banna ba laolang lebollo, le o mong o neng o le ka bophirima o kenang bashemane. Banna le bashemane ba ne ba robala dibakeng tse fapaneng. Kgoro e nngwe le e nngwe e ne e na le leifo la teng moo bashemane ba neng ba bokana teng le ho robala. Mollo e ne e le letshwao la bohlokwa, hobane o ne o beswa ka leshala le hlenneng le tswang mollong wa moreneng, mme nako yohle ya lebollo la bodika, o ne o sa dumellwa hore o shwe.

Ditlwaelo tsa letsatsi le letsatsi ka nako ya bodika di ne di fapana hanyane. Boholo ba letsatsi bo ne bo qetwa ka ho tsoma le ho etsa mesebetsi ya matsoho ya bontate, jwaloka mesebetsi ya letlalo le ya patsi. Hoseng le mantsiboya e ne e le nako ya thuto le ho binwa ha dipina tsa lebollo. Badikana ba ne ba rutwa makgabane a bonna mabapi le sebete le mamello, ho mamela bontata bona, mme ho toboketswa ka matla ho bontsha hlompho e tebileng ho morena. 

Tsebo ya moetlo le mekgwa (tse neng di kenyeletsa nalane, ditlwaelo le melao) e ne e rutwa ka ho sebedisa puo ya kgale e neng e lokela ho ithutwa ka ho hopolwa. Nako yohle, bashemane ba ne ba fetiswa ditekong tsa mamello, ho kenyeletswa ho shapuwa kamehla. Tayo e ne e kenngwa ka matla ho bona, mme lefu ka nako ya lebollo e ne e le ntho e tsejwang.

Ditho tsa bodika di ne di ya ka dilemo tse itseng mme, hang pele bodika bo fela, ba ne ba fuwa lebitso. Sehlopha sena  se ne se na le mesebetsi ya sesole mme se ne se le taolong ya kgosana ya mphato. Ditho di ne di lekanya dilemo tsa tsona ka lebitso la sehlopha sa bona, ba ikgetholla ka dilemo ho ditho tsa dihlopha tse ding tse bolotseng. Hang ha ho rehwa ha mabitso ho se ho phethetswe, ho ne ho phehwa dijo bakeng sa mokete o moholo ho amohela bashemane hae.

Ka letsatsi la ho qetela hoseng, bashemane ba hlapa mmala o mosweu oo ba neng ba kgabisitswe ka oona nako eo yohle. Ntate e mong le e mong o kuta moriri wa mora wa hae mme a mo fe tsheya e ntjha e le sesupo sa boemo bo botjha ba ho ba monna. Mmele ya bashemane e ne e tshaswa ka motswako wa mafura le letsoku. Ka nako ena ba bitswa dialoga (mahlatsipa). Ba emiswa ka mola ka ho hlahlamana ha bona mme ba shapuwe lekgetlo la ho qetela. Kamora mona, ba tsamaya ntle le ho hetla ha mosuwe yena a tjhesa mophato.

Lebollo la Bogwera

©Dr Peter Magubane

Dilemo tse ka bang pedi kamora moo lebollo la bogwera le a qalwa. Ka tsela e itseng, le ne le batlile le tshwana le la bodika, ntle le hore le ne le se thuto e kenelletseng haholo mme ne le nka kgwedi feela. Ka mokgahlelo ona, bashemane ba ne ba amohelwa ho ba banna, ho neng ho ba dumella ho phetha mesebetsi ya banna. Bogwera hape bo ne bo tiisa maqhama a bara ba motho a thehilweng ka ho ba ditho tsa dihlopha tsa bona.

Dikamano tsa bophelo bohle tsa ho ba ngatana e le nngwe le ho ba le tshebedisanommoho di ne di thehwa ka nako ya bogwera. Haesale ho qala mosebetsi wa bojaki, maqhama ana a se a bopile dihlopha tsa ba tswang motseng o le mong - banna ba gagešu - ba thusaneng ho fumana bodulo le mosebetsi toropong, ba kgutliseditseng ditopo tsa ditho tse hlokahetseng le ho tsebisana ka ditaba tsa bohlokwa tse etsahetseng lapeng ha bona ba ntse ba le mosebetsing toropong. 

Mekgahlelo ya ho hola ha ba batona setjhabeng e ne e hlaloswa ebile e hloka ho phethwa ha mesebetsi ya bohlokwa. Mekgahlelo ena ke lesea, moshanyana, leqai (leSoboro), lekolwane, modikana; sealoga; lekolwane (leagola); lephura-kgwahla (legwere); mme qetellong e ba monna.

Translated by Maletsatsi Sejake