Ke Eng Potoloho ya Dimela?

© Lesław Zimny

Potoloho ya dimela ke mefuta e fapaneng ya dijalo tse kenyelletsweng ka dinako tse lekaneng tsa ho lema. Dijalo tsa selemo le selemo (tse kang meroho kapa dijo-thollo) ha dia lokela ho lengwa sebakeng se le seng bakeng sa dilemo tse pedi tse latellanang.

E lokela ho fetoha le dijalo tse ding, hobane dijalo tse sa tshwaneng di nka kapa di tlosa dimatlafatsi tse fapaneng mobung. Synergism kapa potoloho ya dijalo hangata di hlaha pakeng tsa dijalo tse ding haeba di fapanyetsana. Empa e bolela hore dihlahiswa tsa boleng le boleng di ka eketseha haeba di hodile ka mokgwa o itseng wa ho latella dijalo.

Ka mohlala, e lekanngwa ka dilemo tse mmalwa le dibaka tse ding, dihlahiswa tsa poone di eketsehile ka karolelano ya hoo e ka bang 12% haeba di hodile ka mora dijalo tse thata. Hape, dihlahiswa tsa koro ka mora sonobolomo le nako ya ho phomola ha dikgwedi tse 13 e ne e le hodimo ho 54% ho feta ya tsamaiso ya monoko wa koro.

Melemo ya Potoloho ya Dimela

Potoloho ya dimela e thusa ho sebediswa hape ha dimatlafatsi. Mohlala wa bohlokwa ka ho fetisisa ke dimela tse kang dierekisi, dinawa, canola le dinawa tsa lupine. Dimela tsena di na le 'di node' (di nodule tse entsweng ka baktheria ya Rhizobium) metso ya tsona e etsang naetrojene (N) bakeng sa semela.

Ho na le naetrojene e ngata mobung selemong se hlahlamang ka mora hore se seng sa dijalo tsena se lenngwe. Meroho e meng e hlokang naetrojene e mengata e ka jalwa. Dihwete ha di hloke dimatlafatsi tse ngata haholo mme di ka lengwa dilemong tse pedi kapa tse tharo ka mora hore e be le dimela.

Ho lema ho potoloha bophelo ba mofoka le tse senyang dijalo. Dikokonyana di kgetha dimela tse itseng ho beha mahe kapa ho e fepa. Ka hona, dikokonyana di tla beha mahe a tsona dimeleng haeba di tseba hore ho na le dijo tsa popane tseo di ka di jang hang ha di hlola.

Haeba mohlahisi a sebedisa mokoloko wa dijalo mobung o itseng selemo se seng le se seng, potoloho ya bophelo ba dikokonyana e robehile ka tsela e jwalo hape e boetse e le mokgwa o motle wa ho leka ho o laola. Sepheo ke ho etsa dijalo tse ding le tse ding tse sa sebetsaneng le mafu a itseng. Tlhaloso e nepahetseng ya mafu a limela, dithahasello tsa dijalo le ho ata ha lefu lena ke tsa bohlokqa pele tsamaiso ya potoloho ya mobu e ka rerwa.

Thero ya Potoloho ya Dimela

Rera ha dijalo tse sa tshwaneng di lokela ho lenngwa - di fetole dimela le dijalo tse ding. Jwalokaha ho boletswe, dijalo tse fapaneng di na le ditlhoko tse fapaneng tsa phepo. Dijalo tse nang le metso e mengata e kang clover, harese le lesere di molemo ho di sebedisa kaha di kenya dintho tse ngata tsa mobu mobung. Dijalo tsena di ka boela tsa sebediswa ka mela e le ho ntlafatsa ho nona ha mobu le moralo le ho fana ka ho kwahela ka mobu.

Dimela tsohle (ho kopanyelletsa le meroho) di arotswe ka malapa mme ditho tsa lelapa le le leng di kotsing ya likokonyana tse seng dijalo le malwetse a sa tshwaneng. Ka lebaka leo, ha hoa lokela ho lenngwa ka ho toba ka mora e mong lenaneong la ho potoloha chai.

Meroho e ka arolwa ka dihlopha tse latelang tsa dijalo:

Sehlopha sa A: K'habeche, cauliflower, broccoli, brussel sprouts, anyanese, liki le konofolo

Sehlopha sa B: Dihwete, beterute, swiss chard, turnips, ditapole, celery le rapa

Sehlopha sa C: Tamati, ditapole, dipepere, eggplant le lethise

Sehlopha sa D: Mekopu, squash, dikomkomere, mahapu le di melon

Sehlopha sa E: Dinawa le dierekisi Mokgwa wa ho potoloha ha dimela tsa meroho o sebetsa ka tsela e latelang: Arola karolo ya mobu e tla sebediswa bakeng sa tlhahiso ya meroho dikarolong tse hlano.

Hlahisa meroho e 1 ya sehlopha sa A, meroho e 2 ya sehlopha sa B, meroho e 3 ya sehlopha sa C, meroho e 4 metseng ya sehlopha sa D le meroho e 5 ya sehlopha sa E. Dihlopha tse sa tshwaneng di fetela sebakeng se le seng ka nako selemo le selemo.

Translated by Bongani Matabane