Ho Kgetha Dipoho tse Molemo ka ho Fetisisa bakeng sa Polasi ya Dihlahiswa tsa Lebese

©Chris Daly
Tlhahiso ya lebese e qala ka mora ho hlahisa namane. Ka hona ho fumana dikgomo tsa bokhachane ke e nngwe ya diketso tsa bohlokwa ka ho fetisisa tsa ho laola polasi ya dihlahiswa tsa lebese. Diphello tse pedi dia kgoneha ha dikgomo di emola: Pele ke monyetla wa hore nako ya ho hlahisa lebese e be teng, mme ka lehlakoreng la bobedi, ho beha melemo ya lefutso ya bana.
Ho hlahisa diphoofolong tsa polasi ke ntlafatso ka boomo ya mohlape kapa ho ntlafatsa ditshobotsi tse itseng tse kang ho eketsa chai ya lebese. Ntlafatso ya diphatsa tsa lefutso e etsahala ha batswadi ba molemo ba etsa ba kgetha. Ha dikgomo di etsa mohlape wa lebese, ho latela hore dikgomo tse sebedisetswang ho fumana dikgomo tsa bokhachane di thusa ho tseba hore na mehlape e ntlafatswa jwang.
Kgetho ya Sire (ntate) e na le phello ya nako e telele molemong wa diphatsa tsa lefutso tsa mohlape wa lebese. Mesebetsi ya tlhahiso ya baradi ba sire e kgethilweng kajeno e bonwa dilemo tse nne hamorao. Sehlahiswa sa lebese sa kgwebo sa hona jwale se na le dikgomo tse dilemong tse 3 ho ya ho tse 8 tse fetileng.

Sepheo sa ho ikatisa sehlahiswa sa lebese se lokela ho ikemisetsa ho ntlafatsa ditshobotsi tsa dihlahiswa tse entsweng. Jwalokaha mohlape wa lebese o hlahisa lebese, hoa utlwahala ho kgetha dipoho tse nang le ditekanyetso tse phahameng tsa diphatsa tsa lefutso bakeng sa dihlahiswa tsa lebese ha di eketsa menyetla ya ho hlahisa baradi. Leha ho le jwalo, kgetho ya poho bakeng sa tshobotsi e le nngwe e kang ya dihlahiswa tsa lebese ha ya kgothaletswa ha ho na le ditshobotsi tse ding tse amanang le tshebetso ya moruo ya dikgomo tse kang:
Dikgomo tse hlahisang lebese ka ho fetisisa ho phepo e fumanehang.
Lebese le lokela ho ba le dikarolwana tse ngata tsa mafura le diprotheine.
Dikgomo di lokela ho ba le nako e telele ya bophelo.

Dipoho vs ho Emodisa lehe ka Tsela eo e Seng ya Tlhaho

©Chris Daly
Dihlahiswa tsa lebese tsa kgwebo di sebedisa ho emodisa lehe ka tsela eo e seng ya tlhaho (AI) ho fumana dikgomo tse nyane, leha ho le jwalo, tshebeletso ya tlhaho e ka boela ya sebediswa.

Dipoho bakeng sa tshebeletso ya tlhaho di lokela ho rekwa ho batho ba nyadisang diphoofolo ba tsitsitseng ba kenang sechabeng sa ho rekota lebese. Lenane lena le fana ka estimated breeding values (EBV) bakeng sa diphoofolo tsohle mohlapeng. Mekgwa ya ho ikatisa e bontsha bohlokwa ba diphatsa tsa lefutso. Boitsebiso bo jwalo bo fumaneha bakeng sa dikgomo tse tswaletsweng mohlapeng. Le ka mohla o se ke wa reka dipoho tse se nang boitsebiso ba lefutso. Chelete ya ho fepa ya poho e ka ba ho pota R30 / ka letsatsi (2018). Sena se kenyelletsa ditshenyehelo tsa poho le mosebetsi. Haeba poho e sebediswa ka dikgomo tse 10 ka selemo ditshenyehelo tsa ho nyalana di tla be di le haufi le R500 ka tshebeletso.
Peo ya botona bakeng sa AI e ka rekwa hotsa moo le tsa machaba dikhamphani tsa AI. Di tataiso tsa dipoho di tshwana le dibukana tse nang le boitsebiso bo bongata ba diphatsa tsa lefutso bakeng sa poho ka nngwe hammoho le boitsebiso bo mabapi le diphatsa tsa lefutso bakeng sa dihlahiswa tsa lebese le ditshobotsi tsa mmele bakeng sa poho ka nngwe.
Peo ya botona e le nngwe e sebediswa ka mokgwa o mong le o mong, empa pakeng tsa dikgahla tse pedi le tse nne ho ka hlokahala ho fumana kgomo e imme. Sena se itshetlehile ka mokgwa le bokgoni ba mohlokomedi. Theko ya mekgahla e tloha ho R60 ho ya ho R275 (2017).

Tsela ya ho Khetha Poho

Ho kgetha sire, e le qalo, fumana lethathamo la dipoho tsohle tse fumanehang ho tloha khamphaning ya peo ya botona kapa moemedi wa peo ya botona. Kaha ho na le palo e fokolang ya dipoho tseo o lokelang ho e kgetha, kgetho ya ditora e ba thata, kahoo lenane le lokela ho ba le dipoho tse 20. Lethathamo lena le boetse le na le theko ya peo ya botona ka nngwe. Hangata tataiso ya dipoho e na le dikarabo ka 'molemo wa letlowa'. Molemo wa letlowa, le kopanya ditshobotsi tse 12 tse sa tshwaneng ka boleng bo le bong.
Dikhamphani tse ding tsa peo ya botona di fana ka tshebeletso ho dihwai moo dikgomo tsa mohwai di lekantsweng ho ya ka mohaho wa tsona, mme lenaneo la ho ikatisa le ntshetswa pele. Boitsebiso ka dikgomo bo kenngwa lenaneong la khomphieutha, le tla kgothaletsa ka ho toba dipoho tse ding ho latela ditshwaneleho tse hlokahalang bakeng sa polasi e kgethehileng ya lebese. E ne e tla boela e buelle dikgomo tse kgethehileng bakeng sa dikgomo ka bomong. Mananeo ana a sebedisa ho nyalana ho ntlafatsa ditshwaneleho tsa mmele ha ho ntse ho ntlafatsa kapa ho boloka tlhahiso ya lebese.
Sena se ka ba feela motswako wa di EBV bakeng sa mafura le diprotheine tse hlahiswang ka ditheko tsa lebese bakeng sa mafura le diprotheine e le tataiso. Lenane le ka boela la atoloswa ho kenyelletsa tlhahiso ya lebese, tswalo, bophelo bo hlahiswang kapa ditshwaneleho tsa mmele jwaloka boemo. Beha lethathamo la dipoho bakeng sa index e kgethilweng ho tloha hodimo ho tlase. Kgetha, ho latela index, dipoho tse hlano tse ntle ka ho fetisisa tse lokelang ho sebediswa mohlapeng.

Translated by Bongani Matabane