Avian Influenza, eo hape e tsejwang e le Feberu ya dinonyana, e fetohile e nngwe ya ditshokelo tse kgolo ka ho fetisisa lefatsheng. Lefu lena ha le bake feela tahlehelo ya moruo ka ho bolaya dinonyana tsa dikete tse dikete lefatsheng lohle selemo le selemo, empa mathata a mang a kang H5N1 le H7N9, a ka fetisetswa ho batho.
Mathata a H5N1 a ile a fumanwa ka lekgetlo la pele Hong Kong ka 1997, ho ya ka Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo ba Diphoofolo, mme wa ata ho tloha Asia ho ya Europe le Afrika ho tloha ka 2003. Batho ba 468 ba ile ba tshwaetswa mme e bolaile batho ba 282 pakeng tsa 2002 le 2009 le batho ba 233 ba ile ba tshwaetswa mme e bolaile batho ba 125 pakeng tsa 2010 le 2014. Ditekanyetso tsa batho ba nang le tshwaetso le ho shwa di fokotsehile ho tloha ka nako eo, ha Mokhatlo wa Lefatshe wa Bophelo o tlaleha dinyewe tse 145 le batho ba 42 ba shweleng ka 2015, dinyewe tse 10 le batho ba bararo ba shweleng ka 2016 le dinyewe tse tharo le lefu le le leng ka 2017.
Tshwaetso ya batho, ho fihlela jwale, haholo-holo ho thwe ke ho kopana ka ho toba le dibaka tse nang le tshwaetso kapa tse ditshila. Ho na le tshabo ya hore lefu lena le ka nna la fetoha ho ata ka mokgwa o tsitsitseng pakeng tsa batho.
Ho na le mefuta e lefetang 15 ya avian influenza ao ho tlwaelehileng hore a arohane ka dikarolo tse pedi ho ya ka boima ba lefu lena dikgohong:
Kokwana-hloko e tlase ya avian influenza, e amanang le che kapa e se nang matshwao a ho kula.
Kokwana-hloko e matla ya avian influenza, e amanang le matshwao a matla a lefu le ho shwa ha lefu le phahameng. Mathata a H5N8 a ileng a qhoma Afrika Borwa ka 2017 a ne a sa fetisetswe ho batho, empa a lebisa lefung la dinonyana tse dikete tse makgolo a mabedi. Bahlahisi ba bang ba amehileng ba ile ba tlaleha hore dinonyana ha dia ka tsa bontsha matshwao a ho kula pele, empa di mpa di bolailwe ka tekanyo e tshosang.
Mathata a H5N8 a ileng a qhoma Afrika Borwa ka 2017 a ne a sa fetisetswe ho batho, empa a lebisa lefung la dinonyana tse dikete tse makgolo a mabedi. Bahlahisi ba bang ba amehileng ba ile ba tlaleha hore dinonyana ha dia ka tsa bontsha matshwao a ho kula pele, empa di mpa di bolailwe ka tekanyo e tshosang.
Ho ya ka Lancet Laboratories le Lefapha la Temo la Avian Influenza- Phatlalatso ya Dikokwana-hloko, lefu lena ka mokgwa o bonolo le ka nna la bontshwa jwaloka masiba a hlatholohileng, tlhahiso e tlaase ya mahe kapa matshwao a kgathollang, a kang ho thimula kapa ho tlatlapa. Ka sebopeho se matla, hase feela lefu la phefumoloho leo le amehang ka lona, empa le ditho tse ding le disele tse ding, tse ka fella ka ho bolawa ha madi ka hare.
Ka sebopeho se matla matshwao a ka nna a kenyelletsa tse ding tsa tse latelang:
Dinonyana di ka nna tsa kgutsa, tsa ba botswa kapa tsa bonahala di tepeletse maikutlo.
Ho ka nna ha eba le tshohanyetso ya ho hlahisa mahe ka tshohanyetso, mme mahe a mangata e ka ba le kgetla e bonolo kapa a hloka kgetla.
Motlathomo le maqhubu a dinonyana a ka nna a ruruha mme tsa kwaleha.
Sefahleho kapa letlalo tlasa mahlo di ka nna tsa ruruha mme tsa ba pherese.
Dinonyana di ka nna tsa hlaha conjunctivitis (ho ruruha ha conjunctiva ya leihlo).
Matshwao a ho phefumoloha a ka nna a kenyelletsa ho kgohlela, ho thimula le ho hema ka thata.
Matshwao a matshwenyeho a ka nna a akarelletsa ho thothomela, melala e sothehileng kapa mapheo a shweleng ditho. Mefuta e meng ya dikgoho e ka nna ya fellwa ke botsitso mme ya qetella e robetse ha e ntse e etsa seko seketswana ka maoto.
Dinonyana di atisa ho tshwarwa ke letshollo.
Ho ka nna ha eba le kgaello ya madi ho menoto ya dinonyana.
Lefu le ka nna la etsahala ka morao ha matsatsi a malwa, le ho latelwa ke palo e potlakileng le palo ya batho ba shwang e ka atamela 100% ka dihora tse 48.
Translated by Bongani Matabane