Ka mora hore kgatello e fele khomishine ya nnete le poyelano e ile ya tswelapele 1996, Winnie Mandela o ile a bitswa ka qoso tseo amehang ho tsona tsa tlhaselo le dipolao tse entsweng ke Mandela United Football Club (MUFC), e ileng ya qala boetapeleng ba hae. Ka mora hore Archbishop Desmond Tutu a mo kope, o ile a kopa tshwarelo lelokong la Stompie Seipei le Abu Baker Asvat, ka bobedi e bile mahlatsipa a MUFC.
Ka mora a tswelepele ka letsholo la dintho tseo a diemetseng, o ile a ya Zimbabwe ka 2000 ho tshehetsa ntwa ya diqoku tsa baahi ba Zimbabwe ha ba nka mapolasi a makgowa. O ile a tshehetsa le boipeletso ba ARV ya mahala. Ka 2007 o ile kgethwa komiting e kgolo ANC mme ka 2009 o ile a bewa bohlanong bathong ba maloko a ANC a palamente ba kgethuweng.
Winnie Mandela o ile a hlokahala ka 2 Mmesa 2018 a le dilemo di 81, ka mora ho kula nako e telele. O ne a potapotilwe ke ba maloko le baratuwa ha a hlokahala.
O hopolwa ka bohlokwa ba nehelo ya hae ya tokoloho ya Afrika Borwa ho tswa mmusong wa kgatello. Mosadi ya matla ya nang le kgatello e tshosang, o kenelletse ka hare ho basadi ba lokelang ho ketekwa Afrika Borwa.
Winnie Mandela o hopolwa ka nehelo ya hae e kgolo tokolohong ya Afrika Borwa kgethollo ya morabe. Bakeng sa batho ba bangata ke e mong wa ifahleho tsa ntwa ya tokoloho e ileng ya qetella mabitsong a mangata a basadi le meketjana ya bosiu mme e le mekete e mo tlotlang.
Hara ditlotlo o ile a tlotlwa ka tse latelang: Freedom of the City of Tokoloho ya toropo Aberdeen (1984) United Nations Prize ya karolong ya ditokelo tsa botho (1988) Taelo ya Luthuli ya silivera (2016) Ka mora lefu la hae ka 2018, Winnie Mandela o ile a fuwa lefu la boemo mmuso Orlando Stadium Johannesburg. Tshebeletsong ya hae ho ne ho tlile dikete kete tsa batho, boradipolotiki ba phahameng hara le bahlomphehi, pou ya bophelo ba hae e ile ya etswa ke mopresidente Cyril Ramaphosa.
Translated by Sibongile Sonopo