Dijo tse peo ke dimela tse nang le metso e meholo, di hlahisa peo kahara makgapetla mme di na le mahlaku a maholo a entsweng ke ho kopana ha mahlaku a manyane - nahana dierekisi le clover jwaloka mohlala. Dijo tse peo hangata di sebediswa e le semela sa makgulo. Di ka jalwa di le ding mme tsa sebediswa bakeng sa ho fulwa, tsa kotulwa bakeng sa furu kapa ho kotulwa di sa le tala ho sebediswa e le silage.
Dijo tse peo ha e le dimela tsa makgulo di eketsa tatso le protein e teng dijong tsa mehlape. Hangata, dijo tse peo di kopanngwa le jwang ho etsa motswako o nang le protein e eketsehileng le ho hlabosa ho na le ha e le jwang bo le bong.
K’hamphani e nngwe le e nngwe ya peo e ka kgona ho eletsa ka metswako ya sebele ya dijo tse peo le dijo tse peo tse tswakuweng le jwang tseo o ka di jalang sebakeng sa heno le mobung wa hao. Kopa keletso.
Ha makgulo a dijo tse peo a sebediswa e le dimela tsa furu, di hlahisa protein e silehang ho diphoofolo ho feta ha e le jwang feela.
Dijo tse peo di na le molemo o eketsehileng hobane di kgona ho fetola nitrogen moyeng ho fepela nitrogen e monngwang ke semela ho ya mobung ka mokgwa wa ‘nitrogen fixing’. Hona ho fokotsa tlhokeho ya ho nontsha makgulo ka nitrogen mme e fana le ka molemo ho dimela tse holelang pela tsa makgulo.
‘Nitrogen-fixing’ ke ditlamorao tsa dikamano le baktheria ya mobu e bitswang Rhizobium e etsang dikotola metsong ya semela sa dijo tse peo. Ho kgothaletswa hore pele ho jalwa, peo ya semela sena e entwe ka mofuta o tshwanetseng wa baktheria ya Rhizobium ho netefatsa ho bopeha ha dikolotana.
Melemo e meng ya ho jala dimela tsa dijo tse peo e le makgulo ke:
Makgulo a dijo tse peo ke mohlodi wa boleng bo hodimo wa dijo tsa diphoofolo ebile a na le protein e hodimo. Diphoofolo tse nyane, tse ntseng di hola di hloka protein e ngata e ka fepelwang ka ho kenyeletsa dijo tse peo motswakong wa furu.
Makgulo a dijo tse peo a a hlabosa mme a na le tshilo e ntle , ebile hona ho eketsa calcium semeleng.
Lesere ke furu ya bohlokwa diphoofolong tsa lebese tse sisang, le ha dihwai tsa lebese tse nosetsang di ka thabela makgulo a jwang ba clover. Dijo tse peo tse tswakuweng dijong tsa diphoofolo tse sisang di ka eketsa vitamin A le E hammoho le calcium ya phoofolo mme di ka eketsa le mafura a lebeseng le boleng ba lebese ka kakaretso ha ho bapiswa le furu ya jwang feela.
Dihwai tse ngata tsa dinku di sebedisa dijo tse peo tse tiisang nitrogen jwaloka lesere, clover le medics makgulong a tsona ho ntlafatsa boleng le kgolo ya boya. Dipoding tsa Angora, protein e hodimo haholo e ka baka boya bo tiileng kapa bo bongata haholo mme hona ho theola theko ya boya.
Diphuputso di bontshitse kgolo ya ho tswala le ho hola ha dikgomo tsa nama ha ho sebediswa dijo tse peo.
Tjhai ya makgulo e a eketseha ha dijo tse peo di tswakwa makgulong. Diphuputsong, clover e kgubedu ha e kopanngwa le fescue e telele di hlahisa tjhai e ntle (ditone tse 10 ka hektara) ho feta fescue e telele ha e nontshitswe ka nitrogen e ka fihlang ho 165 kg/ha (9 ya ditone ka hektara).
Diphuputso tse ding di supa tshebediso ya lesere le clover e kgubedu e le tsela e amohelehileng ya ho nontsha makgulo.
Ho sebedisa dijo tse peo motswakong wa jwang ho theha furu e mekga e mengata. Hape ho ntlafatsa palo ya mefuta e mengata ya dimela le diphoofolo polasing, sebopeho sa mobu, ho ka hohela dikokonyana tse molemo le ho ntlafatsa ho monngwa ha dimatlafatsi mobung.
Ela hloko: Lesedi lena ke bakeng sa thuto le tlhahiso-leseding feela mme le ke ke la sebediswa e le keletso ka tsa ho jala, ho fepa le tsa phepo. Bakeng sa lesedi le batsi ka ho fepa diphoofolo tsa hao kapa ho jala makgulo ikopanye le setsebi ka bophelo ba diphoofolo kapa setsebi sa peo.
Translated by Maletsatsi Sejake