Dihlahiswa tsa Lebese la Podi

© Jon Sullivan

Lebse la podi le na le phepo e nepahetseng, le na le diprotheine tse tshwanang le lebese la matswele mme le na le dijo tse ngata tse fetang tsa lebese la kgomo. Lebeseng la kgomo, casein ke yona ntho e ka sehloohong ya diprotheine, empa ho lebese la dipodi tsepamiso ya lona e tlaase haholo. Sebaka sena se ka baka tshilo e sa sebetseng hantle ho batho ka lebaka la ho thehwa ha dikgahla tse matla ka mpeng.
Lebese la podi le na le di globules tse nyane tsa mafura le dihlahiswa tse ngata tse kgutshwanyane le tse mahareng tse nang le mafura ho feta lebese la kgomo. Sena se ntlafatsa boleng ba lebese la podi.
Ho feta moo, lebese la podi le na le divithamine A, E, B1 (50% ho feta lebese la kgomo), B2 le C hammoho le diminerale tse kang potassium, calcium, magnesium, phosphorus, iron, copper le zinc.

Nako ya ho ikatisa ya Dipodi tsa Lebese

Haeba dipodi di laolwa ka tsela e nepahetseng, ho tswalwa pele ho popelo (ho tswalwa ha potsanyane ya pele) ho ka etsahala dikgweding tse 12. Halofo ya dipodi e tla ba le mafahla ha e qala ho pholletsa mme bohle ba tla ba le mafahla ka mora moo. Ho hlahisa lebese (tlhahiso ya lebese) kamora ho qeta nako e ngata ho nka dikgwedi tse leshome. Haeba ho nka nako e telele, dipodi di tla lokela ho omiswa ka boomo.
Dibakeng tsa dipula tsa lehlabula bana ba hlahileng mathwasong a lehlabula hangata ba etsa hantle ho feta ba tswetsweng hamorao. Ke kgopolo e ntle ho phatlalatsa nako ya ho ikatisa ho etsa bonnete ba hore tlhahiso ya lebese e tswela pele.
Etsa moralo wa ho etsa dihlahiswa (tlhahiso ya lebese la tlhoro) ho phatlalatswa ka dikgwedi tse mmalwa ho etsa bonnete ba hore lebese le setseng le ke ke la eba bothata.

Mmara wa Lebese la Podi

Naha e lebisang pele ya lefatshe ya ho romela lebese la podi ke Germany, leha ho le jwalo, mohlami wa pele wa lefatshe wa lebese la podi ke India. Motlatsi ya etellang pele wa lefatshe wa chisi ya podi ke Italy.
Lebese la dipodi le ka rekiswa e le lebese le lecha, le nang le serame kapa le omisitsweng (phofshwana). E ka rekiswa ho bareki ka bomong kapa bahlahisi. Dipodi tsa lebese di ka etswa ka kefir (seno se entsweng ka lebese), chisi, yoghurt, fudge, ice cream le lebese le kgutsitsweng.
Lebese la dipodi le rekiswang ha le sa tswa kguwa kapa le leqhwa le lokela ho ba dijaneng tse tiisitsweng (hangata dipolasetiki kapa dibotlolo tsa kgalase kapa di sachets). Lebese la dipodi le fetoha leqhwa hantle, boleng ba lona ha bo amehe ho serame se matla. Lebese le lecha le rekiswang ka ho toba ho bareki le tla fumana theko e molemo ho feta ho le rekiswang ho baetsi ba chisi.
Chisi e ka etswa ka lebese la podi kapa podi le hlwekileng le kopantsweng le lebese la mofuta o mong. Sehlahiswa sa ho qetela se lokela ho hohellwa ka mokgwa o motle, wa boleng bo tsitsitseng, bo fumanehang habonolo le ka theko e tlaase.
Dihlahiswa tsa lebese la podi tse entsweng India di kenyelletsa chhana (lebejane le bonolo le sa butswang la chisi), khoa (e tshwanang le chisi ya ricotta) le paneer (chisi e sa qhibidihing.)
Cajeta ya Mexico le gjetost ya Norway ke dihlahiswa tse monate tsa dipompong tse caramelised tse entsweng ka lebese la podi.
Lebese la dipodi le na le lactic acid eo e leng exfoliator ya tlhaho le e nang le pH e tshwanang haholo le letlalo la motho, le loketse ho sebediswa dihlahisong tsa mmele. Dihlahiswa tse entsweng ka disebediswa tse entsweng ka lebese la podi di loketse ho sebediswa ka letlalo le thata le mathata a letlalo a kang eczema, psoriasis, rosacea, acne le shingles.
Dihlahiswa tsa lebese la dipodi (hangata di kopantswe le oli ya tlhaho le boka ba dinotsi) di kenyeletsa sesepa sa lebese la podi, setlolo sa molomo, letswai la bateng, dintho tse hlwekisang le letlalo le setlolo sa mmele, tse hlahiswang dinaheng tse ngata ho kenyeletsa le Afrika Borwa.

Translated by Bongani Matabane