Tsela e tlwaelehileng ya ho ja kwaeyalekgwaba ke ho e ja tala kahara disalate kapa e phehuwe kapa e phehuwe ka botoro, oli kapa ghee.
Kwaeyalekgwaba e ka boetse ya omiswa, ya tshelwa makotikoting, ya etswa phofshwana mme e ka sebetswa ho etsa mangangajane, moro o seng o le malala-a-laotswe le disopho.
Kwaeyalekgwaba e omisitsweng e kgutlisetswa metsi ka ho kenngwa metsing kapa kgodung ha kwaeyalekgwaba e omisitsweng ho etsa phofshwana e ka fafatswa dijong tse kang disopho le moro. Kwaeyalekgwaba e ka inelwa mme ya bolokwa ka motswako wa disebediswa tse kang veine, oli, asene, konofolo, ditlama le dinoko. Setlotsa sa kwaeyalekgwaba (kwaeyalekgwaba e kgotluweng, oli, matokomane, ditlama le dinoko) hangata se sebediswa bohobeng kapa le pasta, le ho ba seshabo nameng e besitsweng.
Dihlahiswa tse ding tse amanang le kwaeyalekgwaba di kenyeletsa sehwapa sa kwaeyalekgwaba le diphuthelwana tsa ho itjalla kwaeyalekgwaba. Ka tlwaelo, sehwapa ke nama e omisitsweng le ho nokwa haholo e entsweng ka dikotwana tsa nama tse inetsweng morong le ho nokwa. Sehwapa sa kwaeyalekgwaba ke sejo sa nakwana bakeng sa batho ba sa jeng nama, se entsweng ka kwaeyalekgwaba e kgabetsweng mme ya inelwa morong e jwaloka shiitake kapa kwaeyalekgwaba ya oyster.
Letlalo la kwaeyalekgwaba le hola ho tswa ho marangrang (ho kang metso ya hlobo) mme ho nka dibeke tse pedi hore e hole ho lekana le letlalo le tlwaelehileng la kgomo. Diphuthelwana tsa ho itjalla kwaeyalekgwaba di kenyeletsa peo le sehlahiswa sa ho lema kwaeyalekgwaba ya shiitake, enoki le oyster.
Kwaeyalekgwaba e boetse e fumaneha e le sejo sa tlatsetso se tshehetsang tshireletso ya mmele kgahlano le mafu, kofi ya kwaeyalekgwaba mme kwaeyalekgwaba ya cordyceps e sebediswa tlhokomelong ya letlalo.
Mefuta e meng ya kwaeyalekgwaba e ka jowa tala disalateng empa boholo ba kwaeyalekgwaba bo phehwa ka oli, botoro kapa ghee. Ho dumelwa ha ho besa kapa ho pheha kwaeyalekgwaba kahara microwave e le tsela e phepo e ntle ka ho fetisisa bakeng sa kwaeyalekgwaba.
Ha ho phehwa kwaeyalekgwaba, diphehi do kgothaletsa ho noka ka letswai le pepere ha ho phethelwa ho pheha. Ho tshela letswai ho ntshe ho phehwa kwaeyalekgwaba ho fokotsa metsi mme ho diehisa ho ba sootho ha kwaeyalekgwaba.
Sebopeho se setenya se nama le tatso e letswai ya umami ya kwaeyalekgwaba di etsa e lokele ho sebediswa bakeng sa nama dijong tsa batho ba sa jeng nama. Kwaeyalekgwaba e na le guanylate e ngata, e leng se seng sa dihlahiswa tse nang le seabo tatsong ena ya umami. Tatso ya umami e a eketseha ha kwaeyalekgwaba ya konopo ebile e le sootho e ntse e hola ho ba kwaeyalekgwaba e kgolo e sootho (portabella). Kwaeyalekgwaba e ntjha ya shiitake le shiitake e omisitsweng di na le dihlahiswa tse ngata tsa umami.
Hantlentle, kwaeyalekgwaba e lokela ho bolokwa kahara mekotlana ya pampiri ho monya mongobo o ka bang teng ha dithemphereitjhara di ntse di fetoha ka nako eo di bolokilweng ka yona. Nako ya poloko ya kwaeyalekgwaba kamora kotulo ke pakeng tsa matsatsi a mahlano le a supileng, empa ka nako tsohle, reka kwaeyalekgwaba e sa le ntjha - dikutu tse bothotsehang ebile di le telele (ho Agaricus spp) hangata ke letshwao la pheletso ya bophelo ba kamora kotulo ba kwaeyalekgwaba.
Ntle le ho hlahisa kwaeyalekgwaba e jewang, sehlahiswa se nang le thuso sa temo ya kwaeyalekgwaba ke monontsha o sebeditseng wa kwaeyalekgwaba. Monontsha wa kwaeyalekgwaba o entswe ka dithutswana, mantle a dikgoho, gypsum le metsi. Kamora kotulo ya kwaeyalekgwaba, monontsha o sebeditseng o ka sebediswa mobung ho ntlafatsa ho kenella ha metsi, ho tshwarellwa ha metsi, ho thusa ho hlwekisa mobu le ho eketsa dihlahiswa tsa tlhaho mobung.
Monontsha o sebeditseng wa kwaeyalekgwaba o ka ba le matswai le dihlahiswa tse sa tsitsang tsa tlhaho, kahoo o lokela ho nontshwa le ho feta hore o tle o kgone ho kenyeletswa hantle mobung le ho sebediswa hantle ke dikokwanyana tse mobung.
Truffles, e leng dikarolo tse behang tsa hlobo e ka tlasa mobu, ke sejo se boemo bo hodimo se theko e boima se holelang maemong a ikgethang a mobu mme hangata se amahanngwa le metso ya difate. Ho na le mefuta e mengata ya truffles eo hangata e holang dibakeng tse itseng mme di amahanngwa le difate. Mohlala, truffle e ntsho e fumanwa pela difate tsa eike, cheri le matokomane a hazel tse Périgord lebatoweng la France.
Boholo ba truffles tse lengwang di tswa Spain, empa truffles di ka boetse tsa kotulwa naheng.
Ho na le temo e itseng ya truffle Afrika Borwa. Temo e lekanyeditswe dibakeng tsa themphereitjhara ya mariha ya 8°C mme e shebane le truffle e ntsho ya Périgord ka kopanelo le difate tsa eike tse entuweng.
Translated by Maletsatsi Sejake