Ho na le kamano e tobileng dipakeng tsa bophelo bo botle ba mobu le bophelo ba dimela, ho hlalosa Alan Rosenberg bukeng ya hae Global Health in Crisis - karabo e hodima mobu.
Lebaka: ha mobu o nonne haholo, dimela tse fokolang di tla ba le ditlhaselo tse amanang le dikokonyana le ho teba ha mafu a iteng a dimela. Ka mantswe a mang, mobu o phetseng hantle, dijalo tse holang ho ona o tla ba hantle. Ka hona, malwetse le dikokonyana ke matshwao a hore bophelo bo botle ba mobu ha bo na bophelo.
Kamano pakeng tsa bophelo bo botle ba dimela le bophelo ba mobu e ntlafaditswe ke setsebi sa baeloji sa Fora, Francis Chaboussou. Chaboussou o thehile kgopolo ya trophobiosis e reng 'kokonyana e bolawa ke semela se phetseng hantle'.
Dikokonyana dia atleha dijalong moo ho nang le tswekere e ngata e qhibidihang ke metsi, di-amino esiti le diminerale diseleng tsa semela. Dimela tse holang tse phetseng hantle di na le metabolism e sebetsang moo tswekere ena, di-amino esiti le diminerale diseleng di sebediswang ka tekanyo e lekanang le eo e entsweng ka yona. Motswako wa sele ya semela ka hona ha o na dintho tse ngata hape ha wa lekana hore dikokonyana di sebedise jwalo ka dijo le ho ata.
Tshebediso ya di-agrochemicals e sitisa metabolism ya semela e lebisang ho fokotsehang ho kopaneng ha diprotheine le ho aha di-amino esiti diseleng tsa semela tse etsang hore semela sena se ratehe ho dikokonyana.
Hape, tshebediso e eketsehileng ya naetrojene e ka boela ya lebisa ho hlahisweng ha amino esiti e ngata.
Ho bohlokwa hore sepheo sa mantlha se lokela ho tloha ho phepong e nepahetseng ya dimela le phepo ya mobu. Phepo e nepahetseng ya mobu e tla eketsa dikokwana-hloko tsa mobu tse tla ntlafatsa tswalo ya mobu, phepo ya dimatlafatsi le ho kenella ha metsi.
Pono ena e netefatswa hape ke sengolwa sa Univesithi ya California, Taolo ya obu o matlafetseng ho tobetsa di plaese. Sengdlilweng se boletse hore 'ho laola bophelo bo botle ba mobu e ka fetoha karolo ya mantlha ya taolo ya dikokonyana'.
Mobu o phetse hantle ha maemo a tlhaho, a dikhemikhale le a mmele a lekane - maemo ana a susumetsana. Mohlala, boemo ba mmele ba mobu o kolobisitsweng ke metsi bo ka lebisa ho lahlehelwa ke naetrojene, boemo ba dikhemikhale. Nitrate (mofuta wa naetrojene) e hlaloswa mme e tla lahleha ka tsela ya kgase ya naetrojene (N2). Ha dimela di le tlasa kgatello ya kelello ka lebaka la maemo a mobu (komello, pH, kgaello ya phepo e nepahetseng, compaction jwalo-jwalo) ho hanyetsa ha tsona dikokonyana le maloetse ha fokotseha.
Mobu ke motheo wa mobu o phetseng hantle. Mobu o phetseng hantle, o nang le dintho tse ngata tsa tlhaho o na le mefuta e mengata e fapaneng ya dikokwana-hloko tse thusang ho phatloheng hwa dintho tse phelang le tokollo e latelang ya dimatlafatsi tse fumanehang semeleng.
Dikokwana-hloko tse mobung di ka ruisa dimela ka tsela tse fapaneng. Dibaktheria tse ding, tse kang Bacillus, di ka pepesetsa di kokwanahloko tse ka sirelletsang dimela ho mafu ha tse ding di hlohlelletsa kgolo ya semela. Di-Earthworm di fokotsa ho sebetsa ha mobu ha di-fungus tsa mycorrhizal di thusa ka tshebediso e ntlafaditsweng ya phosphorus.
Mohato wa pele wa ho netefatsa dijalo tse holang hantle ke ho netefatsa mobu o phetseng hantle ka ho eketsa mefuta e mengata ya manyolo (manyolo ka ditlama, semelo, sejalo sa ho jala, jwalo-jwalo) ho tshehetsa mefuta e mengata ya dikokwana-hloko tsa mobu.
Dimela tse phetseng hantle ke letshwo le hlakileng la mobu o phetseng hantle. Mobu o phetseng hantle o tshehetsa bongata ba dikokwana-hloko tsa mobu. Hona ho kenyelletsa bophelo ba lefatshe le tse ding tsa bophelo ba mobu.
Kgoholeho le ho petsoha hwa mobu ka mora ho lema ho bontsha hore ho na le ho phoso ka mobu le hore dimatlafatsi di lahlehile kapa ha di fumanehe semeleng.
Translated by Sebongile Sonopo