Bohlokwa ba Pokelletso ya Metsi a Pula Le Paballo ya Oona

© Sustainable Sanitation Alliance

Mekgwa e fokolang ya ho baballa mobu le ho rengwa ha meru di baka kgoholeho ya mobu e kgolo hammoho le ho senyeha ha mobu. Kgahlamelo ya komello ho metsi a mpeng ya lefatshe ho na le seabo mme hona ho baka mapolasi a hlakong tlhahiso, dihwai tse nyahlatsang mapolasi a bona, tlhahiso e fokotsehileng ya dijo le bofuma.

Ho bokeletswa ha metsi a pula ho tsheheditse ditjhaba tsa tlhaboloho kgale nako e fetang dilemo tse 3000 tse fetileng. Kajeno, ho kgelellwa ha metsi a pula ke mokgwa o tsitsitseng o sebediswang ke bahlahisi ba banyane le dihwai tsa kgwebo. Ho feta moo, paballo ya metsi e bohlokwa ho netefatsa ho fumaneha ha metsi bakeng sa ka moso le mehlodi e lekaneng bakeng sa ho atoloswa ha temo.

Pokello ya Metsi ke Eng?

©Marinda Louw

Pokelletso ya metsi a pula ke ha metsi a kgelellwa hore a tlo sebedisetswa tsa temo kapa ka tlung. Mekgwa ya ho bokelletsa metsi ana ke ho fetola motjha wa oona, ho kgakeletsa le ho boloka metsi a phallang. Metsi a ka bokellwa ho tloha melaong ya tlhaho ya metsi e kang diphara le melapo, ho tloha fatshe le marulelong a meaho. Metsi a pula a ka bolokwa kahara dinkgo, ditanka kapa matamo. Hangata metsi a pula a bokelletswa matamong a sa tebang moo a sebedisetswang ho nosetsa empa a tlohelwa a monyele mobung ho tsosolosa metsi a tlaase mobung. Metsi a mpeng ya lefatshe a thusa ka phepelo ya didiba.

Paballo ya Metsi ke Eng?

Paballo ya metsi ke tshireletso, ntshetsopele le tsamaiso e nepahetseng ya metsi. Ha ho nosetswa, paballo ya metsi e bolela hlokeha ho monyele metsi a mangata kamoo ho kgonehang mobung ho fokotsa mouwane le ho phalla ha metsi.

Mehlala ya paballo ya metsi e kenyeletsa tse latelang:

Phetapheto ya tshebediso ya metsi a le mang le ho sebedisa metsi kgetlo la bobedi- jwaloka ho sebedisa metsi a hlapang ho nosetsa meroho.
Nosetsa ka boikarabelo - ho fokotsa makgetlo a ho nosetsa empa ka ho lekaneng le ho qoba ho nosetsa ha ho tjhesa haholo.
Ho lokisa dipompo tse dutlang hammoho le dipeipi Ho jala dimela tse loketseng boemo ba lehodimo le tikoloho.

Paballo ya Mobu le ya Metsi

Metsi a kopana kae le mobu?

Mobu ke mohlodi o moholo ka ho fetisisa wa metsi mme sebopeho sa mobu se tla thusa ho boloka metsi hantle. Sekgahla sa ho monyela ha metsi mobung se ya ka dintlha tse tshwanang le mofuta wa mobu, haeba ho lenngwe, sebopeho sa mobu le motheō wa mobu. 

Ha metsi a bolokilwe mobung, methapo ya dimela e tla kgona ho fumana metsi mohloding ona. Kahoo, paballo ya mobu o nonneng e bohlokwa dimeleng hammoho le ho faneng ka mohlodi wa metsi bakeng sa dimela. Sena se ka etswa ka ho sireletsa mobu ka lera le tshwanang le masalla a dimela. Hape hona ho eketsa ho kenella ha metsi le ho theola motjheso mobung, kgabareng ho fokotsa mouwane.

Mehlala e meng ya ho baballa mobu e kenyeletsa ho sa phethole mobu ho hang kapa ho sa o phethole kgafetsa, ho phethola mobu kahara morifi, ho sebedisa manyolo a tala le ho jala dimela tse sireletsang mobu. Ho lengwa kahara morifi ke ho phethola mobu o kahara moritshwana o bopuweng kapa kahara letangwana le sa tebang, e bopuweng kapela qhowa ya motheō oo. Ha pula e na, metsi a bokellana kahara morifi, moo teng a monyelang habonolo ha mobu o phahamiswa.

Melemo ya ho Bokelletswa ha Metsi a Pula

Ho kgelella metsi a pula ho na le melemo e mengata. Ha metsi a kgakeletswa motheōng kapa leralleng, sena se ka thibela kgoholeho ya mobu e bakwang ke ho phalla ha metsi kamora dipula tse matla. Ho bonolo ho aha meaho e bokeletsang metsi a pula, ha ho hlokehe thepa e theko e boima ebile ha di hloke tlhokomelo e ngata.

Ho bokeletsa metsi a pula ho fokotsa nako ya ho lo kga metsi ho tswa sebakeng se le seng ho ya ho se seng hammoho le dinokeng hape ho ka thusa malapa ho ikemela phepelong ya metsi, haholo ha metsi a bokeletswa a theoha marulelong.

Translated by Maletsatsi Sejake