Boemo ba Basadi Setsong sa Venda

Bohlokwa ba Basadi ba Venda

©Dr Peter Magubane

Ka tlwaelo basadi ba Venda ba ne ba se na maemo a tlaase a tshwarwang ke basadi dinaheng tse ngata tsa Afrika Borwa. Ka hara lebala la hae, mosadi o ne a laola ka ho feletseng, mme nakong e fetileng basadi ba hodileng ba ile ba phetha karolo ya bohlokwa thutong, ba bolella dipale tsa bona ho pota mollo.

Basadi e ne e ka ba le thepa eo hangata e fuwang ke bo ntata bona, empa e ka ba lefa ha ho se na mojalefa wa monna. Ho na le dinyewe tsa basadi ba sebetsang jwaloka rejente bakeng sa mora e monyane, mme kgosi e ka be e kgethile kgaitsedi ya hae jwaloka nduna kapa mukoma. Bonyane puso e le nngwe (e leng Mianzwi) e fetisitswe ka tlasa moloko wa basadi bakeng sa meloko. 

Makhadzi, kgaitsedi ya hlooho ya lelapa, o ne a tseba diphiri tse haufi tsa lelapa mme o na le ditokelo tse eketsehileng hodima bana ba morena ho feta mme wa bona. Mekgwa e mengata e ne e ke ke ya etswa ntle le yena, mme tabeng ya marena a phetha karolo ya bohlokwa ho kgethollang.

Translated by Sebongile Sonopo