Bodumedi le Ditumelo tsa Batho ba MaZulu

© Dr Peter Magubane

Bodumedi ba Setso sa Sezulu

Ho pholletsa le histori ya Sezulu, ha hoa ka ha e ba le karolo ya bophelo bo tlwaelehileng baSezulu moo bodumedi bo sa kang ba e ba le karolo: dintweng, mekete, dikarolong tse sa tshwaneng le mathata a bophelo ba batho, temo le botsitso ba moruo jwalo-jwalo. Nako le nako, baholo-holo ba tadingwa e le mohlodi oo thuso le tataiso di ka fumanwang ka mora hore ho be le sehlabelo se loketseng ka dinyehelo tsa sehlabelo.

Ho phaella tabeng ya tlhompho eo ba e bontshang baholo-holo ba bona, MaZulu le bona ba ne ba dumela ho motho ya sa tlwaelehang, Unkulunkulu eleng Modimo, ya ileng a ‘tswa betheng ya banhlaka’ mme a bopa diphoofolo tsohle tse hlaha, dikgomo le papadi, dinoha le dinonyana, metsi le dithaba. hammoho le letsatsi le kgwedi.

Ho ya ka ditumelo tsa Sezulu, batho ba na le mmele (mele) le moya kapa sedimo (idlozi). Ho phaella moo, ho na le pelo (pelo kapa maikutlo), mohopolo (boko, kelello, kutlwisiso) le seriti (moriti, botho). Mazulu a dumela hore ponahalo e fetoha moya wa baholo-holo ka mora lefu, empa feela ka mora hore mokete wa ho kgutla o etswe, nakong eo moya o “kgutlisetswang hae”.

Sehlabelo se phetha karolo ya bohlokwa ho boloka ho kopana le medimo ya baholo-holo, ho fana ka ‘borokgo’ bo thusang motho hore a kope mohau kapa ho leboha medimo ya baholo-holo ka ditlhohonolofatso tsa bona. Ho dumelwa hore meya ya Badimo e na le matla a ho laola matla a tlhaho mme e atamela pele ho diketsahalo tsohle tsa bohlokwa.

Mefuta ya Mahlabelo

Sezulu se nale dihlopha tse pedi tsa sehlabelo. Diteboho (ho leboha) ho etsahala ha ho na le ntho e ntle e hlahileng, jwalo ka ha moshanyana a fihla lemong tsa bocha, ha ho ena le dijo tse ngata, kapa ha bophelo ba lelapa (umuzi) bo tsamaile hantle mme ho bile le bolwetse bo bonyenyane.

Ho bua, ho nyehelwa ha sehlabelo, ho etsahala ha batho ba motse ba shwa ka tshohanyetso, kapa ha dintho di bonahala di fosahetse mme motho a hloriswa. Mahlabelo ohle, a tlwaelehileng a dikgomo kapa a dipudi, a etswa ho ya ka meetlo le ho boloka mekgwa e tiileng le tshebetsong, kaha, haeba di sa latelwe, sehlabelo se ka nna sa se ke sa tlisa melemo feela, empa se ka ba sa senya.

Nakong ya lekgolo la bo 20 la dilemo, ditsebi tse ngata tsa setso di fetohile dintho tsa dikereke tse ikemetseng, tse batlang ho kopanya mokgwa wa Bokreste ka tlhompho bakeng sa baholo-holo. E nngwe ya tsona, e leng kereke (Ibandla) ya Nazaretha, e tumme haholo hara mahaeng a Zulu.

E thehilwe ka 1911 ke Isaiah Shembe, e tsebahala ka colloquially e le kereke ya Shembe, Ntlo-kgolo ya kereke ena e Inanda mathokong a Thekong Durban, empa e na le balatedi ba bangata ba metseng ya mahaeng, ba apereng diaparo tse kgethollwang, ba rorisa ka dipina esitana le ho tantsha ho bontsha thoriso ho ya matla ohle.

Translated by Sebongile Sonopo

Mazulu

Thlaho ya Mazulu, mohlomong e le sehlopha se seholo ka ho fetisisa se nang le baahi Afrika Borwa, se na le mohlomphehi o monyenyane ya buang...more