BaSan

© Shem Compion

BaSan ke baahi ba kgale ba Afrika e borwa, moo ba phetseng dilemo tse bonyane 20 000. BaSan ba bile ponong ya ditsebi tsa dithuto tsa batho le boraditaba ka lebaka la tsela eo ba phelang ka yona le bokgoni ba bona ba ho tsoma, leruo la tsebo ya boholoholo ya dimela le diphoofolo tsa Afrika e borwa le meetlo ya bona e nonneng. 

Tumelo ya bona e tsebahatseng ka dilemo e ne e le ya hore BaSan ba lehwatata la Kalahari le Botswana le Namibia e ne e le ditloholo tsa baphaphathehi ba tswang dikarolong tse nang le metsi tsa Afrika e borwa. Ebile, bopaki ba dithuto tsa nalane ya batho bo tletse ka ditaba tsa ditsomi le babokeletsi ka dilemolemo.

Haesale ho ithutwa ka batho bana ke ditsebi tsa dithuto tsa batho le ditsebi tsa dithuto tsa nalane ya batho, moo ho batlwang dikamano pakeng tsa ditsomi hammoho le babokeletsi le baholoholo ba bona. Le ha ho le jwalo, BaSan ha se masalla a phelang: jwaloka batho ba bang le ba bang ba ka fetoha le dinako. Kajeno, ditsomi le babokeletsi ba Kalahari ba ntse ba bolokile ditsela tsa bophelo tsa boholoholo, empa ha ba ikgetholla bophelong ba sejwalejwale le moruong wa tjhelete.

Translated by Maletsatsi Sejake

Borapedi le ditumelo tsa BaSan

Ho na le mefuta e mengata ya ditumelo pakeng tsa, hammoho le kahara merabe ya BaSan, empa hape ho na le tse ngata tse tshwanang, le dipakeng...more

Botaki ba BaSan ba mahaheng

Ditshwantsho tse tsotehang tseo baholoholo ba BaSan ba di siileng majweng le marakong a mahaheng le bodulo,ha ho pelaelo hore ke tse ntle ka...more

Bophelo ba BaSan

Ka dinako tse fapaneng hammoho le dibaka, batho ba buang puo ya San ba phetse ka mekgwa e fapafapaneng;BaSan ba Kalahari ha se hore ba tshwa...more

Sechaba sa BaSan Afrika Borwa

Baholoholo ba buang San e ne e ka nna ya ba baahi ba kgale ba Afrika e borwa, moo dipokello tsa ditsebi dithutong tsa nalane ya batho di kgu...more