Bophelo ba BaSan

© Karl Svendsen

Bophelo ba ditsomi le babokelletsi

Ka dinako tse fapaneng hammoho le dibaka, batho ba buang puo ya San ba phetse ka mekgwa e fapafapaneng;BaSan ba Kalahari ha se hore ba tshwana le BaSan bohle ebile, le merabeng ya Kalahari, tsela tsa ho phela di ka nna tsa fapana. Le ha ho le jwalo, dithuto ka merabe ya Kalahari , mohlala, Ju/’hoasi le G/wi, ba fana ka setshwantsho se akaretsang sa bophelo ba setsomi.

Karolelano ya mesebetsi pakeng tsa banna le basadi e bohlokwa moruong. Dijo tsa dimela ke tsona tsa mantlha, mme basadi, e leng bona mmokeletsi ba ka sehloohong, ba na le tsebo e hlwahlwa ya masimo:ba tseba sebaka le nako tsa ho fumaneha ha mehlodi e kang mahapu, dikotola le monokotshwai.

Basadi ba boetse ba bokeletsa kapa ba tshwase diphoofolo tse nyane (jwaloka dihahabi, dinonyana le letsa).Ka nako eo ba bokellang ka yona, ba ka nna ba beha leihlo metsamao ya dinyamatsane mme ba fetisetsa molaetsa ho ditsomi. Banna le bona ba ka nna ba bokeletsa dijo, haholo ka nako eo ho tsoma ho fokolang ka yona. 

Dijo tse bokeleditsweng di abelwa lelapa la ya bokeleditseng, athe nyamatsane e kgolo e tsonngweng ke banna yona e abelwa batho kaofela. Setumo sa BaSan sa ho ba ditsebi tse hlwahlwa tsa ho tsoma ke ka lebaka la bokgoni ba bona bo kgabane ba ho sala mehlala morao le ditsela tsa bona tse bohlale tsa ho tsoma.

Ditsomi tsa BaSan di kgona ho sala mohlala wa diphoofolo morao ho sa natse hore ke sebakeng se jwang fatshe, le ho latella kgama e tswileng kotsi mohlaleng wa mohlape kaofela, ho fihlela e tswa mohlapeng e bile e shwa. Ditsomi di sebedisa diqha le metsu e nang le tjhefu pentong(e nkuweng kgolabolokweng kapa dinoheng) e sa silafatseng nama.

Le ha ho le jwalo, ho nka nako pele tjhefu e sebetsa, e le ho dumella phoofolo e shwang ho balehela bahlasedi ba yona, ka nako tse ding bohole bo bonahalang, moo ho hlokehang bokgoni ba ho sala mohlala morao.

Bokgoni ba ho tsoma ba BaSan

Metsu ya BaSan ke disebediswa tse bohlale tsa ho bolaya. Matsatsing ana, jwaloka nakong tsa pele, e na le dikarolo tse nne. Ntlha e ne e etswa ka lesapo kapa lejwe le qhetsotsweng ka boqhetseke;kajeno ho sebediswa dipekere tse papetluweng kapa dikotwana tsa terata.

Ntlha e sunngwa ho ‘lehokedi’, le patisaneng ka mahlakoreng ka bobedi mme le tlamellwe ka jwang. Lehokedi le kenngwa mohweleng ka mokgwa wa hore, ha lerumo le hlaba moo le thunyetswang teng, sekgahla se roba lehokedi ho tswa mohweleng, e le ho fokotsa bothata ba ho kgwehla ha hlooho ya lerumo. hobane boima bo leketlileng ho lona bo tla be bo fokotsehile. Hona ho bolela hore phoofolo e ke ke ya ntsha ntlha ha bobebe ka ho ikgohla sefateng.

Tjhefu e tshaswa kamora ntlha, mme hlooho ya lerumo e lokela ho dula phoofolong nako e itseng ho netefatsa hore tjhefu e kenelletse ka ho lekaneng phoofolong. Monga lerumo le bolaileng phoofolo ke yena ya nang le bolokolohi ba ho abela ba bang nama, ho ya ka melao ya dikamano tsa bona, ho netefatsa hore bohle ba fumana karolo e itseng. Le ha merabe ya BaSan e ne e se na marena a sepolotiki, boetapele e ne le ntho e tsejwang, ho ya ka boholo le bokgoni.

Setjhabeng sa BaSan, monna o ne a lo dula le batswadi ba monyaduwa ha ho kenwa lenyalong. Ho ne ho na le melao e mengata ya hlompho e neng e lokela ho latelwa pakeng tsa banyalani le ba bohweng, mme ha e le ba arohantsweng ke moloko (jwaloka bontatemoholo/ bonkgono le ditloholo)ba ne ba dumellwa dikamano tsa metlae, moo melao e neng e sa tiya hakaalo. BaSan ba tsejwa ka lerato le ho sa tiise letsoho baneng.

Ka tlwaelo, morabe o ne o ikarola ka dihlotshwana tsa malapa nako le nako(hangata ha metsi le dijo di ne di le leqeme),mme ba kopane hape hamorao. Mokete wa semolao wa ho fana ka dimpho, o bitswang hxaro ke Ju/‘hoasi, ke tsela ya ho hlokomela dikamano tse buseletsanwang pakeng tsa metswalle le leloko ka bobedi le ho batho ba bang ba kantle. Sena se ne se theha setshetso e matla le ho fumana mehlodi dibakeng tse ngata. Bohlokwa ba mekgwa ya dikamano tsa BaSan e  hodiswa borapeding, ditumelokgwelong le dipaleng, le,  ka tsela tse sa otlolohang, bononong ba bona bo majweng.

Translated by Maletsatsi Sejake