Borapedi le ditumelo tsa BaSan

Mefuta ya ditumelo

©Shem Compion

Ho na le mefuta e mengata ya ditumelo pakeng tsa, hammoho le kahara merabe ya BaSan, empa hape ho na le tse ngata tse tshwanang, le dipakeng tsa dibaka tse arohaneng haholo. Pheletsong ya mongwahakgolo wa 19, monna wa MoXam (MoSan wa Kapa Leboya) le e mong ya hlahang Lesotho ba ile ba hlalosa tumelo ya bona ka boikemelo e le /Kaggen kapa Cagn./Kaggen e ne e le kopano ya mothetsi le mothehi- a le matla mme ka nako tse ding a le mosa, empa a kgona ho ba le diketso tse tletseng kgathatso, kotsi le bowatla. Ho ne ho hopolwa ha a bopile kgama, phoofolo e hlahellang hangata botaking bo mafikeng naheng ya Afrika Borwa. 

BaSan ba Kalahari ba na le motho ya tshwanang le moqhekelli dipaleng tsa bona. Ju/‘hoasi ba hlaloswa e le medingwana e hlwahlwa le ho ba tlase ka boemo, wa pele o amahanngwa le bophelo le tjhabo ya letsatsi, ha wa bobedi a amahanngwa le lefu le bophirima. Tumelo e neng e tletsetletse e ne le hore, ha lefatshe le sa tswa thehwa, diphoofolo di ne di sa kgethollehe ho batho ba pele. Batho bana ba ne ba e so be le meetlo le mekgwa. Ke feela kamora ho thehwa ha bobedi moo batho ba ileng ba arohana le diphoofolo, mme batho ba ithuta ho boloka molao wa ho ba setjhaba. Ditumelokgwelo tse itseng le dipale, mohlomong tsa boholoholo, di phetwa ka ho phatlalla ho hoholo. 

Ditumelo mabapi le lefu tsona di batla di sa tsitsa.Pheletsong ya mongwahakgolo wa 19, yena monna eo wa mo/Xam o ile a hlalosa hore ka nako ya lefu, pelo ya motho e ya lehodimong,moo e fetohang naledi teng. Ho BaSan ba morao tjena ba Kalahari, motjhotjhonono o ne o amahanngwa le lefu la motho.

Tumelo e nngwe ya borwa ba San ke hore ha pula e na kapa ho na le komello ka nako ya tlhaho e boela e ba teng hape ka nako ya lefu. Ho rokwa ha pula e ne e le karolo e bohlokwa ya borapedi le ditlwaelo tsa BaSan ba borwa. Ba/Xam ba Kapa Leboya(bao puo le kopano ya moetlo wa bona di seng di le siyo) ba hlaloswa e le baroka-pula, hape e le boramalepa ba dipapadi le ho ba baphekodi ba mafu.

Borapedi bo hlahang merabeng e mengata e fapaneng ya BaSan e hopolwa e le hlokolosi ho ka utlwisisa botaki bo mafikeng ho borwa ba Afrika.

Translated by Maletsatsi Sejake