Baholoholo ba buang San e ne e ka nna ya ba baahi ba kgale ba Afrika e borwa, moo dipokello tsa ditsebi dithutong tsa nalane ya batho di kgutlelang dilemong tse balwang ka dikete tse makgolo.
Dipokello tsa dilemo tse 10,000 tse fetileng tsa pheletso ya nako ya boholoholo ho sa etswa tsohle ka lejwe(Later Stone Age) di na le disebediswa tsa kgale le bopaki ba ditsela tsa bophelo tse di amanyang le BaSan ba boholoholo le ba mongwahakgolo wa 20. Hore na baholoholo bana le bona ba ne ba bitswa BaSan, ha ho tsejwe, hobane lentswe leo le hlalosa batho ba buang puo e qhakgatsang morabeng wa puo ya Khoisan, mme dipokello ha di hlahise kapa hona ho senola dipuo.
Baholoholo ba BaSan ba phetse haholo ka ho bokeletsa dimela, ba tsoma diphoofolo tse kgolwanyane le ho tshwasa dinyamatsane tse nyane. Lebopong la lewatle, batho ba ne ba phela ka dijo tsa lewatle(dihlapi, diphedi tsa metsing le diphoofolo tsa lewatle). Ba ne ba se na bodulo bo tsitsitseng mme ba hahlaula sebakeng ho ya ka ditlhoko tsa bona.
Dilemo tse ka bang 2,000 tse fetileng, BaKhoekhoe (badisa ba neng ba tsamaya hohle le dinku le dikgomo tsa bona) le dihwai tsa nako ya boholoholo ya tshebediso ya tshepe(Iron Age)(ba neng ba na le mehlape ebile ba jala dimela, ho neng ho hloka bodulo bo tsitsitseng) ba ile ba fallela Afrika Borwa.
Ho tswa ho BaKhoekhoe, moo lefutso le puo di leng teng, baholoholo ba BaSan ba ile ba ba le bonono ba ho bopa ka letsopa. Le hoja ba sa kuka theknoloji ya ho etsa tshepe e neng e le ya dihwai tsa nako ya tshepe(Iron Age), disebediswa tsa tshepe dipokellong tsa pheletso ya Stone Age di bontsha ha ho ne ho na le dikgokahano pakeng tsa ditsomi le dihwai.
Ho bonahala ha batho bana ba neng ba na le meruo e fapaneng ba ne ba phedisana,le hoja, dinakong tse thata tsa bokoloneale, diqhobeshano di ile tsa hatiswa (mohlala, Drakensberg, moo BaSan ba ileng ba ba ditsebi tse hlwahlwa tsa ho utswa dikgomo le dipere ho dihwai le bakoloneale ka bobedi).
Ho timela ha setjhaba sa BaSan ba borwa e le morabe o ikgethollang ka meetlo le moruo ,e ka nna ya ba ka baka la dilemo tse makgolo a mmalwa tse fetileng, le sekgahla sa bokoloneale ho tloha mongwahakgolong wa 17 ho ya pele: Batho ba buang San ba ile ba etswa makgoba, mme nqeng tse ding ba bolawa ka bongata. Ba bang ba bangata ba ile ba fetoha basebetsi bodulong ba bokoloneale le mapolasi, ho bakileng tshenyo ya botjhaba ba BaSan ba borwa mathwasong a mongwahakgolo ona.
Le ha ba behellwa thoko kgafetsa, le kajeno , BaSan ba amohetse mekgwa e mengata ya ho iphedisa ya moruo, moetlo le sepolotiki. Mohlala, matsatsing ana ba ka rua diphoofolo tsa hae (tse jwaloka dipodi, ditonki le dikgomo) mme ba amohetse le dikarolo tsa mekgwa ya ho disa. Ho phehella ha BaSan ntle le pelaelo ,ho bile teng ka lebaka la meetlo ya bona e nonneng ebile e le ya nako e telele ,e ba thusitseng ho betla boemo ba bona sebakeng sa Kalahari se ommeng haholo, ka pula ya teng e nyane le motjheso o phahameng.
Translated by Maletsatsi Sejake