Ditshwantsho tse tsotehang tseo baholoholo ba BaSan ba di siileng majweng le marakong a mahaheng le bodulo,ha ho pelaelo hore ke tse ntle ka ho fetisisa lefatsheng la bonono ba ditsomi.
Ka ho tshwana, mengwapo ya botaki e bokgoni bo boleng bo hodimo(petroglyphs) e fumaneha haholoholo bohareng ba naha, empa ditshwantsho tsona di fumaneha hohle, haholoholo dibakeng tse mafika a mangata kapa tse dithaba jwaloka Drakensberg(Kwazulu-Natala), Kapa Botjhabela le borwa-bophirima ba Kapa(Cederberg). Ditshobotsi tsa batho le kgama ke tsona tseo ha jwale di takilweng haholo, mme ditshwantsho tsa sebaka tsona ha se hangata di kenyeleditsweng.
Ka mabaka a sa tsejweng, mengwapo ya botaki e kenyeletsa botaki ba mehopolo(abstract) ho feta ditshwantsho. Sethathong, bongata ba batho bo ne bo hopola hore bonono bo ne bo bontsha diketsahalo tsa letsatsi le letsatsi, kapa dikgatiso tsa ho tsoma, le hoja kgopolo ya hore bonono bo ne bo hoketswe borapeding le tumelokgwelong e ne e le teng ho tloha qalong. Tlwaelo ya bonono e ne e se e shwele ka mongwahakgolo ona, le pele ho moo dibakeng tse ding tsa naha.
Mebala e ka sehloohong e neng e sebediswa ke BaSan bononong ba bona ke o mofubedu, ho tloha ho wa lamunu ho ya ho o mosootho le bofubedu bo fifetseng(maroon); o mosehla; o motsho le o mosweu; le dihlahiswa tsa yona. O moputswa le o motala e ne e sa sebediswe ho hang.
Ho hlokeha tshebediso ya dik’hemik’hale tsa motswako o rarahaneng bakeng sa ho batlisisa dikateng tsa mebala, le dipotso tse ngata di sa hloka ho arajwa. Mebala e mefubedu e ne e fumanwa letsokung le lekgubedu(haematite) athe e mesehla e ne e fumanwa letsokung le lesehla(limonite).
Manganese oxide le mosidi ka nako tse ding,di ne di sebediswa ho etsa pente e ntsho, ha mmala o mosweu, o sa bolokeheng hantle, o ne o ka fumanwa letsopeng le lesweu/phepa kapa ho mantle a dinonyana. Dilemong tsa 1930, ntate ya moholo dilemong wa MoSan,eo e saleng a behile ditaki tsa baSan leihlo,o bontshitse metjha ya botaki ho ya kamoo a hopolang kateng, mme a ba a bolela hore o hloka madi a kgama ho tswaka le mmala- ntle le tikatiko e leng letshwao le sesebediswa sa malepa.
Ho beha nako ya bonono bo mafikeng ba baSan ke ntho e thata haholo. Ha ho kgonahale hore bo ka ngolwa fatshe, hobane mebala eo ha se ntho e phelang(ka mantswe a mang ha e na mosidi) hape hobane ditekatekano tsa dihlahiswa tse phelang di nyane haholo ho ka etsa diteko. Ebang mafoforetsane a lefika le takuweng a fumanwa masalleng a dithuto tsa nalane ya batho, dihlahiswa tse phelang tse tswang hona moo, nako eo di bileng teng ka yona e ka nna ya tsejwa.
Marangrang a mang a Namibia a phatlaladitse matsatsi a dilemo tse fetang tse 26,000 bakeng sa matlapa a nang le mmala o motsho ho oona, empa matsatsi a mang a wela dilemong tse 10,000 tse fetileng. Boholo ba ditshwantsho tse ntseng di bonahala mafikeng di ka nna tsa se ke tsa ba tsa kgale hakaalo, hobane pente le mafika di le kotsing ya ho hlakoha le ho bola. Ditshwantsho tsa dipere le masole tse Drakensberg di supa hore ditshwantsho tsena di ke ke tsa ba tsa nako e fetang mongwahakgolo wa 19.
Sebopeho se hlahelletseng sa bonono ba BaSan ke ditshwantsho tsa batho ba pharaladitseng, tse bontshang ketso le lebelo. Ketso e bontshwa ka tsela tse ngata tse fapaneng: e tsotehang, ka diphoofolo tse jang ka sekaja kapa di tlolatlola, mme le ka bobebe, ho tsoka mohatla kapa ho sotha molala. Ka nako tse ding ditshwantsho di ka baka tsitsipano ka ho bontsha mohopolo pele ho ketsahalo, jwalokaha pele setsomi se thunya metsu ya sona seqheng kapa pele tau e tlola. Jwaloka dikarolo tse ding tsa bophelo le meetlo ya BaSan, ho na le diphetoho tse ngata le phapang e kgolo, ka mekgwa, mokotaba j.j., ho imatahantswe le tse tshwanang tse supang hore ba ne ba kgothaletswa ke mefuta e meng e batlileng e tshwana ya ditumelo tsa borapedi.
Ditshwantsho tse ntle tsa mmala e mmedi(bichrome) kapa e mengata (polychrome) tsa kgama, phoofolo e bontshang bohlokwa bo boholo ho setjhaba sa BaSan ba borwa, ke sesupo sa dikamano tsa borapedi ho bonono bo itseng, mohlomong boholo ba bona. Ditshwantsho tsa metjeko, moo basadi ba opang diatla ha banna ba ntse ba tjeka,le tsona di hokela bonono bo itseng ho ditlwaelo tsa pheko,jwalokaha ho tsejwa ho tswa ho BaSan ba Kalahari.
Ditshwantsho tsa masole, dikariki le ditshwantsho tse tshwanang le tseo di ka nna tsa e ba karolo ya malepa, empa tsa boetse tsa hatisa diketsahalo tsa nalane — ho kenyeletswa tse ileng tsa baka ho fediswa ha tlwaelo ya ho taka, le tsela ya bophelo ya ho tsoma Afrika Borwa.
Translated by Maletsatsi Sejake