Barbera

© Altydgedacht Vineyards

Barbera

Barbera ke morara wa veini e kgubedu bonyane e sebediswa ho hlahisa veini ya tafole, empa hape e ka hlahisa veini e phatsimang leboya la Italy. Bo rasaense ha ba so kgone ho fumana boitsebiso ba dilemo ba setswadi.

Tlhaloso

Lekala la Piedmont la leboya Bophirima ba Italy, moo mofuta ona o ileng wa jalwa disentjhuring, mme e nkuwa e le mofuta wa lapeng. Diteko di netefaditse hore ho fumanwa mofuta o monyane o bontshang mefuta e meng e mengata hotswa Piedmont, sena se bolela hore barbera ile ya tsebahatswa lekaleng ka nako eo.

Mofuta ona o bonahala e le seno se nowang ka mehla sa veini, se thabelwang ha se sale senyane ha se nowa ka makarone, pizza, kase le salami. E bonahala e hotse dilemong tse 20 tse fetileng ditebo ho balemi ba veini ba Italy, Giacoma Bologna Braida estate, ba hlahisitseng maraka wa pele wa matjhaba wa barbera ka 1984 mme ka nako eo ba fana ka mefuta e naleng bokgoni tlhahisong ya di veini tse fapaneng.

Bologna ka bohlale o ile a fokotsa tshimo ya difate ho fokotsa tlhahiso, a kotula merara ka morao ho nako mme qetellong merara ya ba le tswekere e hodimo le esete e fatshe, mme a hodisa veini ka dikgwedi tse 16 e leng tse nyane haholo ba keng sa French Oak Barrel.

Matswantle ba ile ba tlatsatlatsa mofuta ona California dinaheng tsa matjhaba a kopaneng le Argentina. Ke enngwe ya di veini tse kgubedu tse jalwang haholo Italy.

Tlhaho Mabitso a Mang

Bongata bo bong bo fumaneha Italy, empa mofuta ona o tsebahala jwalo ka barbera le fatsheng ka bo phara.

Tlhahiso Aforika Borwa

Moporofesa Abraham Izak Perold o ile a isa barbera ka dilemo tsa bo 1910 ho Ralph Parker monga Altydgedacht estate in Durbanville, eo ileng ya ba mohlahisi wa pele a ileng a jala mofuta ona 1920. Altydgedacht sethatong e ne e sebediswa ho hlahisa veini e etseditsweng diqhoboshiane, empa ka 1992 ile yaba ratemo wa pele naheng wa ho rekisa veini ena.

Sebaka sa Tlhahiso

Mofuta ona o nale Tlhahiso e nyane Aforika Borwa. Sethatong ile ya jalwa ka ho pharalla karolong ya Durbanville. Ha baka ba tsotella ho ntjhafatsa mofuta ona le ha hole jwalo ke balemi ba ka tlase ho leshome ba ntseng ba lema mofuta ona.

Kgolo

E hola ka mahlahahlaha ka tlhahiso ya boholo ba 12-15ha. Ho hlahisa boleng ba veini, sefate so lokela ho tshwara ka tsela e nepahetseng ho hlahisa lesihla la merara e menyane.

Ho Butswa

Morara o butswa bekeng ya bobedi ya Hlakola.

Menokotshwai

Menokotshwai itekanetse ka boholo mme e metopo ka mmala wa Letlalo o perese bo botsho ha e butswitswe ka ho phetahala.

Makgasi

Makgasi a matala bo tebileng a motopo, boholo bo itekanetseng le marete a mahlano.

Dikokwana tse Senyang le Mafu

Barbera ha e rata hlobo le moya dika e senya. E kotulwa ka ho sebediswa ha metjhini.

Tshebediso

Barbera Aforika Borwa e ka rekiswa e le mofuta o le mong kapa e tswakuwe le mefuta e meng e fapaneng.

Tatso

Veini e entswe hotswa merareng e manyane e amahanngwang le boforeshe le mangangajane, ha tse engtsweng ka morara o butswitseng di nale mmala o kenelletseng wa morobeiye le tatso ya cheri e bodila.

Translated by Sebongile Sonopo