Semela sa Sekgo ke Eng?

© Forest and Kim Starr

E tsebahala hape ka boya ba katse le khabetjhe ya Afrika, makgasi a semela sa sekgo, kutu e bonolo le dipalesa di sebediswa batho ho ja le mme e nkiwa e le e nngwe ya makgasi a meroho ke MaAfrika. E tsejwa ka morogo kapa imifino Afrika Borwa. Ho netefaditswe e ruilr diminerale, divitamini le diesiti tsa amino ebile e sebediswa haholo mahaeng Afrika Borwa. Semela sa sekgo (Cleome gynandra) e tsebahala hape jwalo ka oorpeultjie (Afrikaans), lerotho (ka Sepedi le Sesotho), murudi (ka Tshivenda), rirudzu, bangala (ka Xitsonga) le Ulude (in isiNdebele) mme hlaha ditropiking tsa Afrika le Borwa botjhabela ba Asia.

Cleome gynandra e sebediswa haholo jwalo ka lekgasi la moroho empa e amana le Cleome monophylla and Cleome hirta (ke tshimo ya semela se tummeng) hape ha e sebediswa ka diketsahalo tse itseng. Semela sa sekgo se hlaha ho phatlalla le Namibia le Limpopo mme nkuwa jwalo ka lehola. Ha e lengwe haholo, e funanwa hahngata e sitisa mobu ditshimo tsa lapeng tse ka morao jareteng. Boholo e sebediswa jwalo ka semela se tshehetsang, hape e rekiswa ke barekisi ba mebileng. Semela sa sekgo ke setlama, se ya hodimo mme ke semela sa selemo le selemo se hola ka bolele ba 0,5 ho ya ho 1,5m ka bolelele.

Se nale kutu e moruri o kgomarelang, motswako wa lekgasi, motso o molele le dihloho tsa dipalesa tse ngata (tse tshwangang le sekgo, jwalo ka lebitso) ka palesa ya kutu e telele le dipaleanyana tse pinki le bosweu. Ke semela sa makala tse babg patsi ha e ntse e hola. Dikotwana tse jehang ha bobebe ke makgasi. Diphuputso India di bontsha hore semela sa sekgo se e lwantsha ho rururha, diphuputse tse pethahetse tse lokolohileg, mofetshe le lefu la tswekere. E ananelwa ha pe ka tshireletso e nang le boleng, e tliosa dikokonyana jang dimela, hwaba le dirurubele le tse ding tse e leng kotsi khabetjheng.

Semela sa Sekgo se Hodiswa Jwang

Semela sa sekgo se mela ho tswa peong le ho hola maemong a lehodimo a dipakeng tsa 18℃ and 25℃. Ha e rate mobu o boima wa letsopa, serame le moriti. Peo e lokela ho kopanywa le tekanyo ya 1:10 ka mobu o ommeng le ho teba ha 30 cm - 50 cm le karohano. Semela se ka arohana ka 15 cm. Le ha e kgona ho emela komello, e hola hantle ka nosetso e lekaneng, ha raro ka beke lehlabatheng, empa ha nngwe feela bkeng sa letsopa, kgatello ya metsi e fokotsa kgolo ya lekgasi. Se, ela sa sekgo se arabela hantle mobung o nonneng, o ommeng le o nang le nitrigene ho phahamisa kgolo. Le ha hole jwalo, nitrogene e ngata e ka baka kutu e be bonolo mme e fokotsa meloko.

Ha ho etswa manylo a dikgoho kapa a difariki, o sebedisa 10L ya emere sebakeng sa boholo ba 20 cm le 15 m ka bolele. Sebedisa bongata boo le ha o etsa manyolo a dikgomo boholong ba 5 m. Ka nako tsohle kopanya manyolo le mobu, metsi mme o eme matsatsi a 14 pele o jala. Semela sena se tshaba lehola, dokokwana le kgaka, nematode le dikokonyana empa dira tsa yona tse kgolo ke dinotshi le dikokonyana tsa lehodiotswana tse tsejwang ka Bagrada kapa dikokonyana tse pentuweng. Lema konofolo, eie kapa parsley haufi le semela ho fokotsa tshwaetso. Se kgothaletsa dira tsa tlhaho: mahe a kokonyana ya Bagrada e jowa ke WASP tse nyane.

Motswako wa tjhilisi, sesepa, konofole le parafini di fumanehile hore sebetsa kgahlano le dikokonyana tsa Bagrada jwalo ka ha ethusa ho hlatswa dikokonyana tse nyane. Semela sa sekgo se senngwa ke dikokonyana tse fofang le bohlwa. Makgasi a kotulwa ho qala dibeke tse nne ho ya ho tse tsheletseng ka mora ho mela le ho kotulwa nakong ya hlabula le dipula, ho fihlela ka hwetla. Makgasi a ka phuthwa le ona ha semela se le bolelele ba 15 cm. Makgasi a jowa a le foreshe, empa a ka bediswa mme tsholwa jwalo ka sepinitjhi.

Translated by Sebongile Sonopo