Mafu a Morara tsa Fungi - Sephaka se Shweleng le Botrytis

© Tom Maack

Sephaka se Shweleng

Dead arm disease e etswa ke Phomopsis viticola fungus. Matshwao a kenyeletsa leqeba le bohloko la karolong tse pedi kapa tse tharo tsa dikutwana tsa lehlaka. E bonahala qalong ya sehla, ka mora ho ho robrha ha palesa. Sena se etsa hore tshimo e lahlehelwe jwalo ka ha lehlaka le ka kgaohaha ha bobebe ka lebaka la hotswa kotsi. Ho potoloha matheba a masehla ka a matsho mahareng a bonahala makgasing, e ka ferekanngwa ha bobebe le tshenyo e etsweng ke khemikhale e senyang dimela ya paraquat. Dead arm disease e laolwa ke ho robeha ha palesa ho etsa dithung thung. Lehlaka le utlwileng bohloko le lokelwa ho ntshwa ka ho faolwa hobane e ka etsa tshwaetso e ntjha.

Botrytis

Botrytis e qala jwalo ka mmala o sootho bo kganyang letlalong la morara. Letlalo la morara le ka tlowa nameng (ke letshwao le bonahalang haholo) mme ka tlsa maemo a metsi, matheba a fungi a maputswa a kabonwa moraraeng. T etswa ke fungus e Botrytis cinere ebile eka lebisa hore e etsa morara o bodileng o motshweu o ileng wa batla ho leka tjhabeho e itseng. Hangata botrytis e lebisa ho kotulweng le boleng bo tlaasa ba veine le veine e kgubedu e senang tatso.
Botrytis e ka laolwa ka ho fafatsa fungi hotswa dipaleseng ho kotula. E laolwe ho tlowa qalong ya ho feela ha mmala (ha menokotshwai e qala ho butswa le ho fetola mmala) ho fihlela nako e bohlokwa ya ho kotula. Taolo ya canopy e ya hlokeha ho thela makgasi a teteyaneng le a nonneng, maemo a lehodimo sebakeng se senyane a ho potoloha lekala la morara o se etsa mongobo.
Mongobo ona tikolohong o ntshetsa pele ho hola ha semela hotswa peong ya matheba a botrytis. Tsamaiso e nepahetseng ya moya le metsi e ya tlatsetsa ho potlakeng ha komello ya lekgasi ka mora pula. Difate tse kgolo, tse mongobo ha di kenwe ke tshwaetso. Ka hoo, ho hlokeha nietrojene e lekantsweng ya ho nontsha ho dibaka tse kotsing bakeng sa ho lekanya kgolo e fetang tekano ya makgasi. Difate tsa morara tsa morara tse silafetseng di lokelwa ho tloswa mme di tjheswe.

Translated by Sebongile Sonopo