Grape Fungal Disease - Mildew

© Prof Piet Goussard Winetech

Powdery Mildew or Oidium

Powdery mildew e bitswa hape oidium, e etswa ke fungus Uncinula necator mme e nkuwa e le a mang a mafu a hlokolosi sefate sa morara. Matshwao a oidium e ka bonwa lekgasing, dikalaneng le makaleng a morara. Matshwao a pele hangata ke mathebe a matala bo kganyang (e seng mathaba a mafura) lekgasing.
Ha lekgasi le tshwerwe kgahlano le letsatsi,o ka bona moriri o moputswa-moputswa mathebeng. Dikalaneng tsa difate tse nyane, matheba a maputswa-bosweu a ya hlahella mme a fetowa hoba matsho ha nako e tsamaya. Ha di le ngata o ka bona fungus e putswa-bosweu e holang ho dima letlalo la morara dikutung. Oidium e etsa ho sebe le tatso veineng.
Masoba a Oidium a dula ipatile ka hara palesa mme ahlahella hang ha pelesa e pshatleha. Sefate se senyeha ha bonolo mme kokwanahloko e lokela ka mokgwa oo ho laolwa qalong ya sehla. Sefate se lokelwa ho fafatswa bakeng sa oidium le kokonyana e jang sefate sa morara (e ka tlatsa tlatsa bohloko) ka beke tse 2, 4 kapa 6 ka mora hore palesa e petsowe. Le ha hole jwalo, ho bohlokwa ho qala ka nako (ka 2-5 cm bolelele) mme o seke wa sarolla dikarohano dipakeng tsa ho fafatsa. Jwalo ka hlobo, oidium e laolwa ka kamano kapa tsamaiso ya fungi, empa lefu ha le kene ha mofuta kokwana e bolayang esebedisitswe.
Dimele tse kang Chardonnay, Chenin Blanc, Riesling, Sémillon, Pinotage, Sultana le Muscadel, dihola ka boholo, ebile di susumetseha ho feta dimela tse ding. Ho nale hape difate tsamorara tsa boikwetliso tse ka lekantshang kgolo ya fungal:
Etsa taolo e ntle ya kanopi le taolo ya lehola tshimong ya difate.
Fokotsa manyolo a naetrojini kgolong e kgolo ya tshimo ya difate.
Nosetsa ka nako eo tshimo ya difate e leng mongobo, mohala hoseng.
Barella, tataiso e tala le sebaka sa tshomo seka tlatseletsa ho shweng ha makgasi.

Translated by Sebongile Sonopo