Kingfisher
Seinodi

© Roger de la Harpe
Malachite Kingfisher found in KwaZulu-Natal South Africa.

Lebitso

Seinodi (Alcedinidae)

Tjhadimeho

Diinodi ke dinonyana tsa mmala o kgahlisang, ebile tse ngata di na le lentswe le hodimo ka pontsho e hlabosang ya kemolo. Mefuta e mengata e na le masiba a boputswa ba lehodimo, e meng e na le melomo e mefubedu. E meng e ile ya kgona ho iphedisa metseng moo batho ba fototseng tlhaho, e ka be le dirapeng tsa metsomeholo.

Dijo

Ha se diinodi tse ngata tse tshwasang dihlapi – tse ding di ja nama (ho tswhana le dihahabi, dikokoni le dinonyana) kapa dikokwanya (e ja dikokwanyana le phoofolo tse se nang mokokotlo), ebile tse ding ha se hangata di ya metsing.

Boitshwaro

Diinodi di dula sefateng di eme, di na le hloho e kgolo, molala o mokgutshwane ka melomo e melelele e metenya. Se otareng ya Coraciiformes ebile e tswalana le lehlake le dija-dinothsi. Ha di fofa, diinodi di lebelo, empa ha e ke e fofa ka hodimo ha difate. Ha di tsoma dihlapi, seinodi se tla ya ka hloho pele metsing se be se kgutle sefateng ho bolaya le ho ja dijo tseo. Diinodi di atisa ho robala lesobeng kapa mohohomeng.

Se fumanwa kae

Ho na le mefuta e 86 ua seinodi lefatsheng, Aforika ho na le mefuta e 18, e leshome e borwa le botjhabelo ba Aforika.

Diinodi tse tshwasang dihlapi

Diinodi tsa metsing di teng borwa le botjhabelo ba Aforika ka seinodi sa Malachite, seinodi se tshwanang empa se seholwana sa lepetu, seinodi se hlabosang sa seholo le se phedisanang le tse ding se mmala mmedi. Ho na le mefuta e mene e jang hlapi feela kapa diphoofolo tsa metsi (se seholo se rata makgala a noka, ha seinodi sa Malachite se ja mokudubete le mahe a mofehlo) ebile ha e ke e bonwa hole le metsi.

Tsohle di tswala mabopong a noka, ebile tse tharo tse boletsweng pele di hloma naha. Seinodi sa mmala mmedi e atisa ho dula malapeng ka madinyane a sehla se fetileng a thusang ho hodisa madinyane a sehla se setjha, tse tosene kapa tse fetang di atisa ho dula dibetheng tsa papirase bosiu. Seinodi se mmalammedi e kgona ho fofela tlase ho tsoma dihlapi hole le lebopong la noka, ebile le letsheng kapa ho feta mabopong a lewatle. Di ka fihlela bolelele ba disentimetara tse 30, seinodi se seholo ke setho sa lelapa la diinodi se seholo, ka kookaburra e tshehang (seinodi se sa pheleng metsing Australia) se tla ka morao.

Diinodi tse sa tshwaseng dihlapi

Mefuta e tsheletseng ya seinodi e atisa ho ja dikokwanyana, phepheng le diphoofolwana tse nang le mekokotlo tseo di tshwarwang ha di fihla naheng. Tse mmalwa di ke di bonwe metsing, ka baka la hore di tswala mabopong a lehlabathe. Seinodi se senyane ha se bolelele bo fetang sikarete, empa masiba a teng a hlabosang a mafubedu le boputswa ba lehodimo. Nonyanana enae falla Aforikaborwa ho tloha ditropiking, ka leeto le leholo bosiu. E feela, tse ngata tsa dinonyana tsena di shwa ha di fofella mafenstereng bosiu.
E nngwe e hara Aforika e fallang ke seinodi sa merung, se bontahsnag hore dipula tsa lehlabula di fihlile ha e bonwa borwa ba Zambezi, ka sello sa teng se reng 'ki. . . . . trrrrr'. Diinodi tsena ka bobedi tse boputswa ba lehodimo a hloma naha moo ho nang le lesoba sefateng hore e tle e nehe mahe – se tla dula mons dikgwedi tse mmalwa di leka ho kgahlisa boteng ba yona ho bahlodisaneng ka ho llela hodimo le ho fofisa mapheo.
Di batlile ho tshwana le seinodi sa mohlakeng seo se tswalang merung e mabopong (ka ho sebedisa masoba a difateng) empa e atisa ho dula mohlakeng moo e tla tshwasang makgala. Seinode se hloho e sootho ha se falle, empa e phela morung, kapa metseng e mahlaku ya Aforikaborwa jwalo ka Kgauteng, Tshwane,Motse Kapa, Thekong, le eMalahleni. Jwalo ka diinodi tse ding, di atisa ho phela ka bobedi ebile di tla hloma naha dilemo tse mmalwa.
Seinodi se hloho e boputswa se phela botjhabelo ba Aforika, ka mehlape e menyane e fallang borwa ho Zambezi selmo se seng le se seng mahareng a udungwana le Mmesa. Seinodi sena se jang dikokwanyana e fata dihlaha mehohomeng e lehlabathe, hape le metsing a ommeng. Seinodi se senyane se seng mmalammala ke seinodi se mereto, nonyana e phela hare ha Kgalakgadi le dibaka tse ding tse ommeng. Ke seinodi se hlahang masobeng a difate ebile e ja mekgodutswane, dihahabi le dikokwanyana tse nyane.