Dithupa tse Tshetleheditseng Difate tse Behang Morara

Tlhaloso ya Dithupa tse Tshetleheditseng Difate tse Behang Morara

©Louise Brodie
Sefate sa morara ke semathi-semela le tsamaiso ya dithupa tse tshetleheditseng difate tse behang morara e tsitsitseng e lokela ho sebediswa e le hore o fumane boholo ba serapa sa morara kapa ho hlahisa sehlahiswa se phahameng le ho nolofatsa serapa sa morara. Melemo ya ho tsamaya e kenyeletsa ho ntlafatsa lesedi la dithupa tse tshetleheditseng difate tse behang morara le ho ntlafala ha ditholwana.
Sena se lebisa hoketseho ya makgasi le ho tsamaisa mekgwa ya temo. Tshebediso e nepahetseng ya kganya ya letsatsi e bohlokwa mme lekgasi le leholonyane le holimo, e leng mokgwa o moholo wa ho etsa photosynthesis. Tsela e ka leboya ka borwa e sebediswa hamolemo ha letsatsi, empa mohlomong sebakeng se futhumetseng ho na le kotsi ya ho senya letsatsi.
Mefuta e sa tshwaneng ya dithupa tse tshetleheditseng difate tsa morara e sebediswa hona jwale indastering. Ka temo ya ditsamaiso tsa veine tse nne tse latelang di ya sebediswa: pergola, lekgwakgwa, mekgwa ya mochine le tsamaiso tse ding. Mekgwa ya dithupa tse tshetleheditseng difate tsa morara hangata e phahame hobane e hloka mosebetsi o mongata wa matsoho mme ka hona o tlameha ho amohela tsamaiso ya basebetsi tlasa semela.
Sepheo sa veine se boetse se lekanyetsa boholo ba tsamaiso ya dithupa tse tshetleheditseng difate tsa morara: mekgwa e meholo ho isa ho e menyane bakeng sa boleng bo phahameng le chai e tlaase moemong o phodileng; kgahlanong le mekgwa e meholo ya tlhahiso ya veine kapa ya bongata boemong bo futhumetseng. Phoso e tlwaelehileng ka ho fetisisa e etswang ke ho theha tsamaiso e nyane le e theko e tlaase e sa kgoneng ho amohela matla a ho hola.

Ho Theha Tsamaiso ya Dithupa tse Tshetlededitseng Difate tsa Morara

©Louise Brodie
Ka mora ho lokisetsa mobu le ho lema difate tsa morara, ho ka kgoneha ho qala kaho ya tsamaisong ya dithupa tse tshetleheditseng difate tsa morara. Ntho e loketseng ke ho qala ho lema dihlooho ebe jwale difate tsa morara. Mesebetsi ya lehong le terata hase kamehla e fumanehang ka bolokolohi mme e tlameha ho laelwa esale pele. Afrika Borwa, kgatello e ne e tshwara mapolanka a sebediswa haholo bakeng sa ho tsamaya, empa mehleng ena ho na le tshekamelo ya ho tlohela mokgwa ona. Bahlahisi ba bang ba se ba se ba ntse ba sebedisa konkreite, dipodisi tsa polasetiki kapa tsa tshepe.
Mekoti ya ankora e tshwaya ka morao moo di ankora di kenywang teng ebe jwale dipalo tsa ankora. Moo moya o matla o hlahang teng, palo e tlameha ho lengwa ho teba. Morero o ka sehloohong wa ankora ke ho tiisa dithupa tse tshetleheditseng difate tsa morara le ho thibela palo e tswang ho wa le mehala ho tloha e le ho fokola. Sebaka sa kokreite jwaloka ankora kapa palo ya tshepe bakeng sa mobu o majoe se sebediswa e le ankora. Ka mora hore dikoti tsohle di tjhekilwe bakeng sa palo, qalang ka ho lema dikarolo tsa mola o ka ntle pele le ka mora moo dihlooho tsa mola o bohareng ka tatellano. Palo ya ankora e sebediswa qetellong ya mola mme e atisa ho lengwa ka lehlakoreng le ka ntle.
Ditshiya tsa dithupa tse tshetleheditseng difate tsa morara di lokela ho lenngwa pakeng tsa 45 cm le 60 cm, mme sebaka sa palo ha sea lokela ho feta methara tse 7. E le hore o sebedise tsamaiso e ntle ya mehala hamorao, ho sebediswa mohala wa terata (terata) e le hore makgasi le letlobo di pepese letsatsing. Moqhaka wa kgalase o tiisitswe ka terata e kgomaretsweng ka sekoting se senyane sepakapakeng kapa ka sesebediswa se sengata mme ha sea lokela ho hulwa ka thata ho fihlela di ankora di kenywa hantle.
Ka ho kgetheha terata ya tshepe e tla tiiswa ka thapama kapa ha e chesa feela. Sena se tla thibela meya hore e se ke ya theoha ha e chesa. Dikgwele tsa Cordon le tsa dithapo di lekana pakeng tsa dikarolo tsa dithupa tse tshetleheditseng difate tsa morara. Difate tsa morara le letlobo di tlameletswe ditsong tsena ho pepesa dihlopha tsa morara moyeng le mahlaseding a letsatsi.

Translated by Bongani Matabane