ya Mapungubwe Confluence

Dinaha tse Tharo di Kopanang

©Roger de la Harpe

Tshebetso e kgolo ya serapa ke confluence ya dinoka tsa Limpopo le Shashe, sebaka seo dinaha tse tharo di kopanang ho tsona. E le ho nka pono e tsotehang, sebaka sena se iketseditse letoto la mapolanka a maholo hodima marulelo a malelele a shebileng hodima metsi a morwallo.

Ha o ntse o eme molomong wa letswapo, Botswana e ka letsohong la hao le letshehadi mme Zimbabwe e ka letsohong la hao le letona. Sebaka se senyane se sesweu sehlekehlekeng se senyane bohareng ba confluence se bontsha ntlha e tobileng eo dinaha tse tharo di kopaneng ho yona. Empa ho tloha moo ho etswang teng, hodima boemo, bohlokwa ba meedi ena e hanyetsang e bonahala bo fokotseha. Ke melaetsa e teng feela dimmapa le dikelellong tsa batho.

Ho ena le hoo, ena ke seboka sa dinoka tse pedi tse tsotehang. Ho kgaola ka leboya ho tloha ka botjhabela ho ya bophirimela ke 'boputswa bo botala bo boreledi' Limpopo, jwalokaha Rudyard Kipling a le beha. Ho tswa leboya ho na le fatshe le lehlabathe la Shashe, le phallelang feela ha le theohela morwallo. Ka letsatsi le leng, ha terata e qhaqhwa, diphoofolo tse hlaha di tla kgona ho tsosolosa mekgwa ya tsona ya ho falla ho pholletsa le tsela ena ya bohlokwa ya metsi.

Dipikiniki le Pono

©Roger de la Harpe

Confluence hape ke sebaka sa pikiniki bakeng sa baeti ba letsatsi. Ho na le ditafole le dibenche tse mmalwa tse hahilweng tlasa ditshebetso tse monate tsa dihlooho, mme ho na le lebenkele le lenyane le hlahisang khase ya ho besa. Lebenkele le lokela ho rekisa dintho tsa motheo jwaloka dino tse batang le dijo, empa e ne e sa bulwa ha ke ne ke le moo.

Ho na le mekgwa e mene (Sunrise, Main, Confluence le Sunset) mme e nngwe le e enngwe e fana ka pono e tsotehang hodima confluence. Sepakapaka ke kgotso mme ha o kgutsitse, o ka utlwa ho thothomela ha ditloloko tsa dikgomo di phalla ho tloha Zimbabwe. Ka lehlakoreng le leng la sebaka sa pikiniki ke tsela e nngwe e lebisang Pinnacle Deck.

Pono ena e shebahala ka hare ho serapa sa boikgathollo; sebaka se kgubedu, se matsutla se tletseng diphula le difate. Le hoja e se e tsotehang jwaloka Confluence ho shebahala ka pono, ho bohlokoa hore o tsamaye ka nakwana.

Translated by Bongani Matabane