Tumelo le Dikgolwa tsa maNdebele

© Dr Peter Magubane

Lefatshe le Sebetsa ka Semoya

Jwalo ka ha boholo ba dihlopha tsa setso Afrika, bophelo ba MaNdebele bo bapiswa le lefatshe la semoya, le fanang ka tshusumetso e kgolo ho dima dintho tse teng letstsi ka leng. Ho kula le madimabe, bophelo bo botle le bokamoso kaofela di qetella di ho kang ho kenella ho tobileng ho tswa lefatsheng la semoya kapa ho sebediswa hakohokahanyi le lefatshe leo.

Badimo ke dingaka tse sebetsang ka ho sa feleng, kapa boloi bo laolang botimone ho bona. Badimo ba bohlokwa mme ba fumanwa sebakeng se itseng sa lefatshe la moya, di lefufa, di batla mokgwa o itseng wa sehlabelo. Ya hlolehang ho latela melao le setso jwalo ka ha ho hlokeha ke badimo ho dumalwa e le yena moetsi e moholo wa bomadimabe.

Hape ba nale tumelo ya ho sireletsa tse phelang kgahlano le bomadimabe ka ho fana ka keletso ditorong le kka ho fana ka matla ho dingaka tsa ditlama le metswako e meng. Badimo ke motheo oo dingaka tsa setso di phomolang.

Matla a tumelo ya badimo le ho a kgumamela ho fana ka matla ho MaNdebele a ho tswela pele ka setso sa bona, e leng se tseng hore ba be le boitsebeiso bo fapaneng ho merabe e meng e mengata e eteng ya bahaisane mmoho le dintweng tsa merabe.

Translated by Sebongile Sonopo