Tswelopele ka Bomong ya Bapedi

Lenyalo

©Dr Peter Magubane

Jwaloka batho ba bang ba buang puo ya lehae, lenyalo la Bapedi ha se feela ho kenya molaong dikamano pakeng tsa batho ba babedi: ke taba ya sehlopha sa batho, ho tiiswa maqhama pakeng tsa malapa. Ha e le hantle, e kenyeletsa ho ntshuwa ha bohadi (magadi) ho tloha lapeng labo monyadi ho ya lapeng la bo monyaduwa. Ka lehlakoreng le leng, lelapa la monyaduwa le fetisetsa bokgoni ba monyaduwa ba ho ba le pelehi habo monyadi (bohadi) mme boitlamo ba bona ho monyadi le ba habo bo phethahatswa feela kamora hore ho hlahe ngwana.

Lenyalo e ne le setlamo setjhabeng sa Bapedi se ikamahanyang le moetlo. E ne e le motjha wa molao o sa kenyeletseng mesebetsi ya kereke. Ka ho se tshwane le mesebetsi ya lebollo, lenyalo le ne le sa fetole boemo ba monyaduwa kapa monyadi, empa le ne le phahamisa boemo boo ba leng ho bona jwaloka batho ba baholo setjhabeng sa Bapedi ba bolotseng. Boemo bo botjha bo neng bo fihlelwa e ne le ba molao, e leng bo neng bo eketsa matla, boikarabelo le mesebetsi ya boemo bo neng bo se bo le teng. 

Letsibolo la Bapedi

©Dr Peter Magubane

Ho hlaha ha ngwana wa pele wa Bapedi e ne le ntho ya bohlokwa: e ne e se feela taba ya ho ba le setho se setjha sa lelapa, empa e ne le ntho e phahamisetsang mmê boemong bo hodimo ka ho fetisisa. Ho tlatseletsa moo, e ne e le ho phethela boikarabelo ba lelapa labo mmê ho ntate le lelapa la habo, ebile e le ho paka bonna ba ntate le ho hodisa lelapa.

Ho ba ka lehlakeng le ho hlaha ha ngwana wa matsibolo ho ne ho etsahala lapeng labo mmê. Kamora ho hlaha ha ngwana, ka bobedi mmê le ngwana ba kgutlela lapeng labo ntate moo ho etswang mokete, moo lelapa labo mmê le nyehelang ka nama le jwala. Hona ho ne ho lefa boikarabelo ba ho qetela lapeng labo ntate ka ho fana ka ngwana ho tswa ho e mong wa setho sa lelapa la bona, e leng moo bohadi, palo e itseng ya dikgomo le mehlape kapa ho lekanang le hoo ka tjhelete, ho lefuweng.  

Ho ananela boemo bo botjha ba mmê, ntate o ne a ahela mmê ntlo ya hae a inotshi, hobane jwale o se a na le tokelo ya ho ba le motse oo e leng wa hae ebile a o laola. Ha a kgutla le lesea, mmê le ngwana ba dula thoko nakwana ba le bang lehaeng le letjha. Kamora mona, ho etswa mokete o ikgethang (ngwana o tswa tlung) ho keteka ho fihla ha ngwana lapeng labo ntatae. Ka nako ya mokete, ho ne ho phethwa mesebetsi e neng e phethela ho tsebiswa ha ngwana lelapeng le mmê boemong ba hae bo botjha. 

Makgabane a Lebollo

©Dr Peter Magubane

Setjhabeng se phethang moetlo sa Bapedi, ho kgethollwa ha bong e ne e le makgabane a motheo a lebollo, ho thatiselletsa diphapang tsa bohlokwa tsa bong. Lebollo e ne e le sesupo sa ho fetela botho boholong le ho fa motho ya bollang sebaka setjhabeng, mme ho bana ba batona, tokelo ya ho ba le seabo mesebetsing ya dipolotiki le ya molao kapa kgotla.

Molemo wa bohlokwa oo lebollo le neng le fana ka oona e ne e le ho matlafatsa borena ba Bapedi hodima batho ba bang ba teng tlasa puso ya bona kapa sebakeng se nang le tshusumetso: marenana a ne a lokela ho fumana tumello ho morena e moholo wa Bapedi pele ba ka iqala lebollo la bona. Tokelo ya ho dumella kapa ya ho hana ka tumello e ne e phahamisa bolaodi ba morena e moholo wa Bapedi, mme hona ho ne ho mo fa taolo ka bodulo le seabo dipolotiking le molaong.

Dinakong tsa moraorao tjena, moo marenana ka bomong a nang le bolokolohi ba ho iqalla lebollo ntle le taolo ya morena e moholo, mokete e se e le tsela ya ho kenya tjhelete ho marenana ana, bao hangata ba qoswang ka ho sebedisa hampe tjhelete eo ba e fumanang ka tsela ena. Lebollo, le tsejwang hape e le koma, e ne e le se seng sa dibaka tse kgethehileng ebile e le lejwe la motheo la bohlokwa moetlong wa Bapedi. 

Ho ya lebollong e ne e le setlamo ho bashanyana le banana bohle ba dilemo tse lokelang (di fapana haholo), empa ba ne ba bolotswa ka ho fapana ka bong ba bona. Bashanyana ba ne ba ya ka mekgahlelo e mmedi; banana o le mong. Ka tsela ya lebollo, ba ne ba hola ka ho tlala e be batho ba baholo mme ba ne ba kenyeletswa sehlopheng se ikgethileng. Lebollo le ntse le le bohlokwa ho Bapedi, empa le se le fetohile mohlodi - kapa mohlomong seipone - sa karohano setjhabeng. Sekgeo se seholo setjhabeng sa Bapedi ba sejwalejwale, pakeng tsa baemedi ba moetlo (baditshaba) le bakreste, se bakwa ke ditumelo tse fapaneng empa le ho yeng kapa ho sa yeng lebollong. E ka nna yaba hape seipone sa diphapang tse teng boemong ba moruo le thuto. 

Le ha boholo ba lebollo la Bapedi bo ntshe bo tshwana le pele, e ka nna yaba ho bile le diphetoho tse itseng haesale dintlha tse itshetlehileng ho tse latelang di bokeleditswe. Kahoo, di tla ngolwa ka lekgathe-lefetile. Mokgahlelo wa pele wa bashanyana (bodika) o ba kenya bothōng bo felletseng ba sehlopha. Mokgahlelo wa bobedi (bogwera) o ba kenyelletsa setjhabeng e le banna, ho ya ka sehlotshwana le boemo tseo ba hlahetseng ho tsona. Bogwera bo ne bo dumella monna ho dula mollong wa moketjana mme hape a be le seabo diketsahalong tsa sepolotiki le semolao.

Ka lehlakoreng le leng, lebollo la banana (byale) le ne le ba kenyeletsa ho ba ditho tsa sehlopha feela. Ba ne ba sa dumellwa ho ba le seabo diketsahalong dife kapa dife tsa sepolotiki le semolao. Hape ba ne ba kotelwa thoko boemong bo hodimo moo ba batona ba neng ba bo fumana mokgahlelong wa bobedi wa lebollo.

Translated by Maletsatsi Sejake