Tsela ya ho Qala Polasi ya Dihlahiswa tsa Lebese

© Eric Miller
Taba ya pele ya ho sheba ha ho qala polasi ya dihlahiswa tsa lebese ke ho kgetha mefuta e nepahetseng bakeng sa maemo a sebaka sa hao. Na mocheso o futhumetse kapa o wa bata? Na o na le phepo e ntle ya boleng, na o na le matlo a dikgomo tsa hao mme ho na le mafu a mangata a dikgomo sebakeng seo. Ho kgetha mefuta e nepahetseng bakeng sa polasi ya dihlahiswa tsa lebese ho bohlokwa ho tiisa diphoofolo tse phetseng hantle, chai e ntle le bana ba matla ba tla phela nako e telele.

Kgetho ya ho Kgetha Mefuta

Mefuta e lokelang ho sebediswa bakeng sa tlhahiso ya kgwebo e itshetlehile ka dintho tseo motho a di ratang, maemo a tikoloho a kang maemo a lehodimo, phepo le dihlahiswa tsa lebese ka mohlala haeba o batla ho rekisa lebese kapa ho batla chisi. Ka mohlala, dihlahiswa tse hlahisang chisi di kgetha ho sebedisa lebese le lengata ka mafura a lebese (mafura le protheine) e hlahiswang ke dikgomo tsa Jersey. Mefuta e phahameng ya lebese e hlahiswang ke dikgomo tsa Holstein di loketse haholo bakeng sa dihlahiswa tsa metsi, tse kang lebese kapa yogurt.

Ke Kgetho ya Mefuta efe ya Dikgomo tsa Lebese

Dikgomo tse ngata di ka hangwa bakeng sa thepa ya malapa empa bakeng sa polasi ya lebese Afrika Borwa, ho na le mefuta e mene ya dikgomo e leng dikgomo tsa lebese tse khethehileng. Tsena ke:
Holsteins - ho tloha ho kgomo ya pele ya Dutch Friesian
Ayrshires - ho tloha Scotland
Jerseys - ho tloha Jersey Isles pakeng tsa Engelane le Fora
Guernseys - ho tloha dihlekehlekeng tsa Guernsey pakeng tsa Engelane le Fora
Tse fokolang tsa mefuta ya lebese di kenyelletsa Brown-Swiss le Milking Shorthorns. Mefuta e meng ya Europe e nang le merero e meholo, e tswang ho ya mefuteng ya Simmental, le yona e ntse e etswa lebese Afrika Borwa. Tsena di kenyelletsa Fleckvieh, Montbéliarde le Abondance e tswang Jeremane, Fora le Italy, ka ho latellana. Mefuta e meng e fumanehang ya Europe ke Normandé (e tswang Fora) le Scandinavian Red mefuta ee kang ya Swedish Red le Norwegian Red.
Dinaheng tse ding, mefuta ya dibaka - haholo-holo mefuta ya Zebu e ya sebediswa bakeng sa tlhahiso ya lebese. Dihlahiswa tsa lebese tsa dikgomo tsa naha di tlase ho feta tsa mefuta ya ditsebi tsa lebese empa di atisa ho phela nako e telele. Sena se bakwa ke bokgoni bo molemo ba ho ikatisa, ho ba matla haholwanyane, le ho ntlafatsa maemo a sebaka seo ho kang ho mamellana ha mocheso le ho hanyetsa malwetse.
Mefuta e fapaneng e hloka maemo a ntlafetseng a bophelo, a kang moriti kapa matlo a bodulo le dijo tse ntlafetseng. Ka lebaka la ho ikamahanya le maemo ho fapana pakeng tsa mefuta ya ditsebi tsa lebese le mefuta ya sebaka sena e ntse e tlwaelehile. Ka mohlala, New Zealand, kgomo ya Kiwi e ile ya ntlafatswa ka mokgwa wa ho hlahisa sefapano ka mefuta ya Holstein le Jersey (dipoho).

Translated by Bongani Matabane