Tsebo ka Lefika ka hare ho Cradle ya Humankind

Bokgabane ba Lefika

©Roger de la Harpe
Sebaka sa Cradle ya Humankind e tletse ka mapatso le mela e fosahetseng, mme sena se bebofatsa tsebo ya dikharavene tse ka tlasa lefatshe jwalo ka ditafole tsa metsing ho qhibidihisa majwe a dolomite.
Mapatso ana dumella metsi fatshe ho feta le lefatsheng, a ja le majwe le hodisa dikharavene ka ho etsa dipalo tse metsu tse tla tobana le lefatshe. Dimela le tsona di isa metsi ka metso ya tsona lejweng di phahamisa maemo a kgoholeho ya mobu le ho etsa majwe a felle mobung o ka hodimo. Ho fihlela kajeno lesihla la Stinkwood le lesweu ka Wild tree ya Olive hangata e hlahisa boteng ba mokoti o tebileng paka ho kena ho tjhekang.
Ha e nngwe ya dipalo tsena di roba lefatshe, mobu le matlakala di qala ho wela ka lefikeng di qala ho etsa thaba ya khoune. Khoune ena e ka kenyelletsa mefuta kaofela ya dintho tse kang majwe, masapo, dithupa le tse ding le tse ding. Le tse ding tse phelang di ka wela ka lefikeng mme tsa kwallwa kapa tsa shwa, e leng se ka eketsang khoune. Ho bohlokwa ho elellwa hobane ha ho wa tlwaeleha hore maloko a badimo a phetse mafikeng a tebileng haholo moo ho neng ho le lefifi ebile ho bata. Ebile ba wetse ka moo ka phoso kapa ba ile ba qobellwa ke phoofolo tse hlaha tse neng di batla ho ba ja, kapa ba ile ba dielwa ke metsi ka lefikeng.
Ka mora nako, metsi a fatshe ile a tswela pele rothela ka lefikeng, a lata calcium carbonate ho tswa lejweng le lesweu ha e netse e tsamaya hanyane moleng o sa lokelang. Tieho ena ya lime metsing e rothela hodima dintho tsena tse bokeleditsweng fatshe lefikeng, mme di emela dintho tsa tlhaho (jwalo ka masapo), diminerale le samente mmoho ho di etsa di tiye, e tiisitswe ka calciam e bitswa ‘breccia’. Ke breccia ena eo hangata e nang le adimo ba diphoofolo le meloko. Ho fumana badimo, ke moo ditsebi tsa dipale tsa botho di lokelang ho arohanya badimo le maloko a fitileng, e leng mosebetsi o boima.
Empa le ha mafika a se a entswe, ha di fetohe. Ho feta moo, tsamaiso ya mafika e ntse hola le ho wa ebe e qale hape ha lefatshe le ntse tsamaya le tafole ya metsi e ntse ya hodimo le fatshe. Menyako ya mafika le yona e ntse e kwaleha e buleha ha nako e netse e tsamaya. Ka nako e nngwe marulelo a mafika a ya wa ka ho feletseng mme e behe meloko e fitile pepeneneng, moo e ka apeswang ke mobu o ka hodimo le temo.

Translated by Sebongile Sonopo