Tinta Barocca

© Glenneis Kriel

Tlhahiso

Tinta Barocca ke mofuta wa veini e kgubedu ya morara e neng e sebediswa bakeng sa ho hlahisa veini ya maemo le veini e ommeng e kgubedu. Mme e entswe dipakeng tsa Marufo le Touriga Nacional.

Tlhaho

E nale metso ya yona melatswaneng ya Douro e leboya la Portugal, moo peo ya pele ileng ya kgethwa ka 1899.

Mabitso a Mang

E ne e tse bahala jwalo ka Tinta Barocca, Baroccas, Boca de mina, Tinta das Baroccas, Tinta gorda, Tinta grossa le Tinta vigaria.

Tlhahiso Aforika Borwa

Tinta Barocca e tlisitswe ho tswa Portugal qetellong yabo 1920. Qalong ho ne ho nale balemi ba neng ba e kopanya Shiraz, empa ka morao ba hlokomela hore ba ntse ba etsa phosa mme ba qala ho sebedisa mofuta ona bakeng sa veini ya maemo a lefatshe. Ho thekesela ha hlokeho ya veini ya selehae ka dilemo tse seng kae tse fetileng ho ila ha tlisa sephetho ho ma Aforika Borwa sa ho etsa motswako wa maemo le veini e ikemetseng hotswa mofuteng oo.
Aforika Borwa e nale histori e telele ya tlhahiso ya selehae, empa ha e kaba ya dumellwa ho sebedisa Port label ho tloha Pheregong 2012 ka mora hore e tekene tumellano ya thekiso ya tsa temo le European Union. Ho tloha mohlang oo ma Aorika Borwa a ile a tshela di veini dibotlolong ka tlasa Prefix Cape, mme ya latelwe ke mokgwa o tsotehang.
Ho ya ka Cape Port Producers Association, Label Cape White e sebediswa ho etsa veini ya maemo e sa etswang ka Muscat, mofuta o kang Chardonnay, Chenin blanc kapa Verdehlo. Cape Pink e sebediswa bakeng sa mofuta wa rosa wa maemo ka mmala o pinki. Mekgwa ena ka bobedi e lokela ho hodiswa bakeng sa di kgwedi tse 6 hore e fumana maemo a mokgwa ona.
Cape Ruby Label e ne sebediswa bakeng sa ho tswaka di veini tse nyane, tsa mmele o tletseng le tholwana ya maemo. E fapana le Cape Tauuny ka tsela ya hore bonyane halofo ya veini e sebediswe ho hola bakeng sa dikgwedi tse 6 mme e seke ya feta dilemo tse tharo. Bonyane 80% ya veini e ne e sebedisetswa ho etsa Cape Tauuny e neng ho lokela ho hola bakeng sa dilemo tse 6.
Cape dated kapa Vintage Tauuny le tsona di lokela ho hola bakeng sa dilemo tse 6, empa e lokelwa ho etswa hotswa morareng o kotutsweng ka selemo se itseng, ka mantswe e nyane diya diveini tse neng di hola ka hara Oak Barrel kapa dibotlolo bonyane dilemo tse tharo, ka ho hodisetswa ka hare ho Oak Cask bonyane dilemo tse pedi.
Hare oketsa ho 85% ya veini e ka dibotlolong e lokela ho tswa ho Single Vintage ya selemo. Cape Vintage e sebediswa bakeng sa veini e lefifi e tswang ho ho Single Vintage e hodisitsweng bonyane selemo.

Sebaka sa Tlhahiso

Dibaka tse ka tlasa tlhahiso ya Tinta Barocca Aforika Borwa e feta halefo ho tloha ka bo 1980 ka lebaka la ho thekesela ha tlhokeho ya veini ya selehae boemong ba matjhaba. Dihektara tse nyane diya fumaneha dibakeng tse ngata tse hlahisang, temo e kgolo e fumaneha Swaartlands, Little Karoo le Stellenbosch. Dibaka tsena di ballwa ho bonyane boraro kotareng ba kakaretso ya tlhahiso ya t Tinta Barocca naheng.

Kgolo

E hola ka matla e kgasa ka kgoneho e matla ya tlhahiso, 16-20ha.

Ho Butswa

Merara e butswa mahareng a sehla, ho tloha mahareng a Tlhakubele.

Menokotshwai

Menokotshwai e itekanetse, e metopo, e metsho. Letlalo le le sesame le matla, dija di kwenne empa di rothisa mathe ka nako tse ding.

Makgasi

©Glenneis Kriel
Makgasi a maholo a kgedikwe a marete a mararo a matala bo hlakileng ka mmala.

Dikokonyana tsa Disinyi le Mafu

Tinta Barocca e tshaba ho bola le hlobo.

Tshebediso

Mofuta ona o sebediswa bakeng sa tlhahiso ya mofuta wa veine ya selehae le e kgubedu e ommeng.

Tatso

Tatso e fapana hoya ka mmala, ho tloha mmaleng o mokgubedu bo lefifi hoya ho o batlileng o ba motsho mme o hlahisa tatso ya beri ya tholwana.

Translated by Sebongile Sonopo