“Ho qosa jwang ho ba le jwang” ke lepetjo le sebediswang ke sehwai sa dikgomo se fuweng kgau naheng ya USA. O tsepamisa maikutlo a hae ho bohlokwa ba taolo ya makgulo ho ba le dihlahiswa tsa tlholeho mobung le ho boloka metsi a teng mobung. Makgulo a laolwang ka nepo a nyehela haholo ho tshwarweng hantle ha dibaka tsa ho phela ha diphoofolo le dimela le bophelo ba tsona polasing, hape le bohlokwa ba ho laola makgulo bo netefatsang katleho ya tsamaiso ya ho jala makgulo e theko e hodimo.
Ntle ho moralo o lekaneng wa ho eketsa boleng le tlhahiso ya makgulo, ho bohlokwa ho sebedisa mekgwa ya taolo e loketseng mofuta wa semela, mohlape oo o hlokang ho o fepa hammoho le mobu wa polasi ya hao, boteng ba metsi le boemo ba lehodimo. Ha o rala ho qala makgulo fatshe kapa o leka theknoloji e ntjha, qala hanyane. Ha ho no laoleha ha bonolo feela ,empa ho ka fokotsa le ditjeho tsa tjhelete le ho ba bobebe ho eketsa kapa ho fokotsa hang ha o bona sephetho.
Ho bohlokwa ho laola mofoka ka nako eo ho jalwang makgulo hobane sethopo se tshabana le mofoka ha di tseka metsi, dimatlafatsi le kganya ya letsatsi. Hape, mofoka o kang ragwort o ka nna wa ba tjhefu dikgomong le dipereng tse fulang makgulo.
Hantlentle, makgulo a lokela ho tiya ka ho lekaneng ho fokotsa ho hola ha mofoka. Ho fula ho tlola tekanyo ho ka siya mobu o le lebala. Hona ho ka tswela kgolo ya mofoka molemo mme ho apesa ka mulch ho a kgothaletswa, ebang ho kgoneha.
Hopola hore mofoka e ka ba sesupo tsa kgaello kapa ho phophoma ha dimatlafatsi mobung wa hao, mohlala, setlamatlama sa fumaria se rata mobu o nang le potassium e ngata. Tlhahlobo ya mobu e ka thusa ho rala lenaneo la ho nontsha mobu e le ho thusa ho laola mofoka.
Mofoka o ka laolwa ka dik’hemik’hale. Mofoka o mahlaku a sephara o ka hloka ho tshelwa ka makgetlo meriana e bolayang mofoka kapa nakong ya ho jala. Ho nyanyatswa ka dinako tse fapaneng selemong ho ka laola mofoka hantle dihleng tse fapaneng.
O se ke wa fudisa makgulong a mannyane haholo
O se dumelle diphoofolo ho fula dimeleng tsa makgulo ho sa le hotjha kapa kgafetsa. Ho ya ka semela, ema ho fihlela dimela di le bonyane 20 cm ka bophahamo. Boholo ba dimela tsa furu ha di a lokela ho fulwa di le ka tlasa 10 cm, e ka bang bophara ba seatla. Hona ho tla dumella kgolo-botjha e eketsehileng. O ka sebedisa palo e tlase ya diphoofolo bakeng sa sebaka sa ho fula. Sena e ka ba kgomo e le nngwe ya nama ho dihektara tse 3.
Fetola sebaka sa makgulo
O ka arola makgulo ka dikarolwana tse nyane ho dumella makgulo a futsweng ho phomola ho isa nakong ya dibeke tse fihlang ho tse tsheletseng. Potolohisa diphoofolo pakeng tsa dikarolwana, o di ntshe ha makgulo a le makgutshwanyane.
Nontsha makgulo
Ho ya ka tlhahlobo ya mobu, ho ka hlokeha ho kenya dimatlafatsi mobung. Moo dijo tse peo di sebedisitsweng e le karolo ya motswako wa dimela tsa makgulo, ho ka nna ha se hlokehe hore ho tshelwe nitrogen. Dihwai tse ding di hohola makgulo a tsona kamora ho fulwa e le ho qhalakanya moitedi le ho o ala ka ho lekana.
Etsa moralo wa ho sebedisa makgulo
Nako ya hore makgulo e be semela e hlokolosi. Hona ho itshetlehile tshebedisong ya makgulo. mohl. furu kapa silage le motswako wa makgulo mohl. Jwang-dijo tse peo hammoho le nako ya kgolo ya motswako wa makgulo.
Ho hong hape ho hlokolosi ka nako, ke ho kgutlisetswa ha semela hore e be makgulo. Na ho tla qalwa botjha makgulo kapa ho tla jalwa hodima a teng? Ho jala hodima makgulo ke tsela ya ho jala makgulo a kang clover hodima makgulo a seng a le teng ntle le ho phethola mobu kapa ho sitisa mobu kapa ka ho lokisa sebaka sa sethopo.
Mekgweng ya ho kopanya dimela, metswako ya makgulo e jalwa mmoho. A mang a kotulelwa silage, ha a setseng a tlohellwa a hole hore a ka fulwa.
Translated by Maletsatsi Sejake