Spoonbill

© Nigel Dennis
Spoonbill.

Ponahalo

Molomokgaba ya Afrika ke nonyana ya maoto a matelele e tsamayang hara metsing. Bophahamo ba yona bo 90 cm, (36 '). Mmele wa yona ka bogolo segolo bo bosweu, ka ntle ho maoto, sefahleho, le molomo wa yona o makgubedu. Mapheo a yona a dimilimithara tse bo telele bo 365 - 400 limilimithara. Nonyana ena e ka kgethollwa habonolo ka molomo wa yona o ikgethang o popehileng jwalo ka kgaba. Ka tswalo, molomo wa Molomokgaba ya Afrika ha tshwane le kgaba. E hlaha e na le molomo o mokgutshwane, e be e le hore butle butle e qala ka sebopeho sa yona se jwalo ka kgaba. Hangata ho tshwana le kgaba ho qala pele ha nako ya ho tloha sehlaheng sa yona. Bobedi dinonyana tse tona le tse tshehadi di ya tshwana ka ponahalo.

Dijo

Dijo tsa Molomokgaba ya Afrika haholo holo di kenyelletsa ditlhapi le diphoofolo tse se nang lesapo la mokokotlo tsa metsing tse kang di diphoofotswana tse nang le dikgetla kapa di shellfish, dikokonyana, ditshenyane le mefuta itseng ya dikgofu.

Ho ikatisa

Molomokgaba ya Afrika qala ho ikatisa nakong ya mariha. Ho ikatisa ho qala nakong ya mariha le ho nka ho pholletsa le nakong ya selemo. Hangata ho ikatisa ho etsa hala ka dikolone ho tloha morao ha Hlakubele ho ya ka Lwetse. E tshehadi e ka behela mahe a 3-5 nakong kgweding ya Mmesa kapa Motsheanong. Mahe a nonyana ena atisa ho bonwa ka matheba a mebala e mekgubedu, sootho, kapa boputswa.
E behela mahe a yona hangata ka sehlaheng sethaleng sa dithupa kapa lehlaka ka sefate haufi le metsi, empa sehlaha sa yona se ka boela sa fumanwa ka lehlaka mokgwabong, hara mafika, mahlakeng, kapa dilomong. Dihlaha tsena di haufi le fatshe kapa difateng hodima metsi. Bokahare ba sehlaha hangata di kwahetswe ka makgasi. Lehe le fuama ka matsatsi a ho fihlela ho 29 ke batswadi ka bobedi. Ka morao ha ho qhotsa madinyane a hlokomelwa ke batswadi ka bobeli ka matsatsi a 20-30. Nakwana ka morao hore. A qala ho fofa ka morao ha dibeke tse nne.

Boitshwaro

Molomokgaba ya Afrika hangata ke nonyana e dihlong le ho fadimeha. Hangata e fumanwa e le nngwe, empa e ka boela uya kopana ka bobedi kapa dihlopha. Hangata e khutsitse, ka ntle ho ho korotla ka dinako tse ding ha e tshoha. Nonyana ena e tsamaya ka ho fofa. E fofa ka molala le maoto a yona a atolotswe, le ho uputsa mapheo a yona butle butle moyeng. Molomokgaba ya Afrika e ifepa ka ho tshwasa ditlhapi metsing a sa tebang. E tshwasa ditlhapi e le dijo tsa yona ka ho bula molomo wa yona ho tloha lehlakoreng le leng ho ya ho lehlakoreng le leng ka metsing. Molomo wa yona sebetsang se ka sekele e telele (se sebediswa sa ho tshwasa) hore e tshwase dijo tsa yona.

Bodulo

Molomokgaba ya Afrika hangata e dula metsing a sa tebang ja hare ho naha. Tikoloho ya nonyana ena e kenyeletsa dibanka tsa noka, mabopong a letsheng, mokgwabo, dithoteng, lesabasabeng, mekhwabong, le makgulo a metsi.

Moo difumanwang teng

Molomokgaba ya Afrika ka tlwaelo e fumanwa dinaheng tse mmalwa tse karolong ya borwa ba ba Afrika. Tse ding tsa dinaha tsena di kenyeletsa Botswana, Kenya, Madagascar, Mozambique, Namibia, Afrika Borwa le Zimbabwe.

Lebitso la se Latin

Platalea biloba