Serval
Phaha

© Shem Compion

Lebitso

Phaha kapa tlodi kapa qwako [Lepailurus serval]

Tjhadimeho

Katse ena e sesane e bolelele ba dimilimetara tse 500 mahetleng. Mokokotlo, mahlakore le mohatla a kwahetswe ke boya bo sootho bo kgauta ka mereto e metsho mokokotlong le matheba a matsho mahlakoreng le mohatleng. Phaha e na le maoto a malelele ho feta mmele wa yona a ka bang metara ha e ema ka dimilimetara tse 508 mahetleng.
Phaha e na le hloho e nyenyane e telele ka ditsebe tse tjhitja ka metero e metsho le e masweu ka morao. Phaha e sebedisa metero ena ho tsebisana le diphaha tse ding. Diphaha tse ntshofetseng di fumanwa dibakeng tse mengobo merung e teteaneng.

Dijo

Phaha hangata e ja dikokoni, haholoholo diroto tsa naheng. Dinonyane, dinqanqane, dikokwanyane, dihahabi tse nyane le ditlhapi di atisa o jewa ke phaha.

Tswalo

Madinyane a tswalwa a le mararo kapa mane, a tswalwa jwang bo teteaneng. Nako ya tswalo ke matsatsi a 68 – 72. Tswalo e etsahala mafelong a lehlabula. Madinyane a tswalwa letsabeng, empa, ho a sireletsa, mmatsona o tla a fallisa bakeng tse ding tse ipatileng. Sena se etsa hore dithuto tsa phoofolo ena thata.
Ho tshwana le mangau, phaha e tshehadi e hodisa madinyane e le nngwe e be e a siya ho ya tsoma. Ha madinyane a hodile a kgona ho tsoma, mmatsona o tla tebella madinyane a tona lapeng. Diphaha tse tshehadi di tla dula le mmatsona ho fihlela di kgona ho tswala. Ka nako ena, mmatsona o tla di tebela hore di iphedise.

Boitshwaro

Diphaha di atisa ho phela di le ding, ntle le ha e le nako ya tswalo kapa e tshehadi e na le madinyane. Monkgo wa tsona ke wona o tshwaya mahae a tsona dikilometara tse 15 – 30. Mahae ha e kgetholle empa baahi ha ba kopane. Diphaha di tshwaya mahae ka ho ntsa metsi le boloko. Diphaha tse tona di nka dibaka tse kgolo ho feta tse tshehadi. Di boi diphaha hape di phela bosiu, di tsoma ka pono le modumo ho feta ho fofonela. Dibakeng tsa Aforika moo katse ena e phelang, e atisa ho ba mahlahahlaha mesong le ka phirimane.
E na le kutlwo e hlabosang hape e kgona ho bona kgapo e ntse e tsamaya ka tlasa lefatshe. Hang ha e utlwa kgapo ya teng, e tla nanyetsa e nto tlolela hodima yona. Hangata, e tla bapala ka kgapo eo pele e e ja. Katse ena e ne le medumo ya lentswe e mengata e fapaneng eo e ka bang mororo, mohono, ho tshwela mathe le sello se hodimo seo se bitsang diphaha tse ding. Ha di itshireletsa, di tla kekemela mekokotlo e nto di hona haholo.

Lehae

Di atisa ho haha bakeng tse mongobo ka jwang bo bolelele. Katiso ena fana ka kabelo e matheba.

Di fumanwa kae

Aforikaborwa, phaha e fumanwa Limpopo, Mpumalanga, KwaZulu-Natal, Maloti le Lesotho. E hlahiswa e le ngope ho South African Red Data Book.

Dibata

Dibata tsa phaha ke mafiritshwane, dintjha tse hlaha le mangau.

Pokello tsa bophelo

Bokalo (tshehadi): 8.6 – 11.8 kg
Bokalo (tona): 8.6 – 13.5 kg
Bolelele (tshehadi): 110 cm
Bolele (tona): 110 cm
Nako ya ho tswla: 2
Madinyane: 1-3
Otara: Carnivora
Lelapa: Felidae
Tswalo – madinyane a 1 – 4 a tswalwa ka Loetse – Mmesa ka morao ha nako ya ho tswala ya dikgwedi tse pedi

Thalo ya maoto

Mothalo wa maoto a phaha a manyenyane ho feta a thoane. Mothalo wa leoto ka pele ha ho hatisisehe. Mothao o bontsha manala.