Pula ke ho tsholoha ha marothodi a metsi a bophara bo sa feteng 0.5 mm. Ha marothodi ana a le manyane ho feta moo, a bitswa lefafatsane.
Sekgahla sa ho na ha pula ho hlaloswa e le ho bobebe, ho mahareng le pula e matla, ho ya ka pula e nang nakong e etsang hora. Mohlala, pula e bobebe - 2.5 mm, pula e mahareng - 2.8 ho ya ho 7.6 mm le pula e matla - e fetang 7.6 mm ka hora.
Ho ya ka ba Ditshebeletso tsa boemo ba lehodimo Afrika Borwa (South African Weather Service), 1 mm ya pula e lekana le litara e 1 ya metsi sebakeng sa boholo ba 1 m x 1 m moo metsi a sa phalleng, ho monyela kapa ho ba mouwane.
Pula e hlahiswa ke maru. Maru a bopjwa ke ha moya o mongobo o phahama. Moya o mongobo o a budoloha, ka lebaka la kgatello e tlase ha e nyoloha sepakapakeng ebe o a phola. Moya ona o phodileng o tlala phofudi ebe ke ha ho ba le ho qhibidiha.
Ho qhibidiha hona (condensation) ke ha marothodi a metsi a bopeha sebakeng se batang kapa ho potoloha lekumane. Ha ho qhibidiha hona ho ntse ho tswela pele, marothodi ana a metsi a a hola ho fihlela a ba boima hoo a sa kgoneng ho ya hodimo le moya ebe a wela lefatsheng.
Ho ya ka sebopeho sa oona, maru a arotswe ka mekgahlelo e mmedi: Maru a Stratiform ekare kobo mme a kwahela dibaka tse kgolo. Maru a Stratiform a bopeha ha mara a moya a qobelleha ho phahama ka boiketlo dibakeng tse phatlaletseng, hangata a etsa mara. Ebang lera le ka hodimo le le mongobo mme le ntse le tswela pele ho phahama, maru a stratiform a ka tlisa pula e ngata kapa lehlwa.
Maru a cumuliform a sebopeho se kgidikwe kapa a motopo, mme a hola a ya hodimo. Ho hola hona ho yang hodimo, ho baka maru a cumulonimbus a teteaneng ebile a le malelele mme a nesa dipula tsa diaduma.
Pula e arolwa ka mekgahlelo ho ya ka mokgwa ho bopeha ha yona.
Pula ya Convection
Pula ya ‘convection’ e bopeha ha moya o mongobo o nyoloha ho tloha lefatsheng. Maru a cumulonimbus kapa a cumulus a bopa pula e nang ka tsela ya diaduma tse nqa e le nngwe. Diaduma di amahanngwa le meya e matla e fokang haholo,pula e matla ka nako tse ding e na ka sefako. Mahwatateng, marothodi a metsi a tswang ho diaduma a ka fetoha mouwane pele a fihla fatshe. Dipula tse tjena di ba teng ka lehlabula dibakeng tsa subtropic moo ho nang le motswako wa moya le motjheso.
Pula ya Orographic
Pula ya Orographic e bopeha ha moya o mongobo o qobelleha ho nyoloha lehlakoreng la thaba. Maru a nimbostratus a a bopeha mme pula e na lehlakoreng le fokang moya (e ya hodimo) la thaba. Pula e ba nyane ka lehlakoreng le se nang moya (e ya tlase) la thaba. Sebaka sena se bitswa moriti wa pula (rain shadow).
Sebakeng sa Little Karoo, pela Oudtshoorn, ke sebaka sa mohlala o hlwahlwa wa moriti wa pula Afrika Borwa. Pula e nang lehlakoreng le fokang moya, le lebopong la lewatle pela dithaba tsa Outeniqua e ka ba 1000 mm ka selemo, empa boholong ba Little Karoo, ka lehlakoreng le sa fokeng moya la thaba, e ka tlasa 200 mm.
Pula ya lehodiotswana
Pula ya lehodiotswana e bakwa ke metjha ya kgatello e tlase e potapotileng mahodiotswana. Sena se etsahala ha moya o futhumetseng, leqhubu le futhumetseng, o kopana le leqhubu le batang mme lehodiotswana le ba teng, mokgwa wa kgatello e tlase bohareng le kgatello e phahameng e e potapotileng. Moya o futhumetseng o qobelleha ho nyolohela ka hodima moya o teteaneng ebile o bata. Moya o nyolohang bohareng o a phola , o bope maru a nimbostratus mme o bake dipula tse matla sebakeng seo.
Translated by Maletsatsi Sejake