Pride of de Kaap

© Roger de la Harpe

Lebitso

Pride of de Kaap

Lebitso la se Latin

Bauhinia galpinii

Tlhaloso

E na le semelo sa di lobe tse pedi kapa tse nang le makgasi e kang mapheo a na leng bophara ba dimithara tse 60. Ka sehloohong dipalesa di hlaha ka nako ya Hlakubele le Mmesa, empa dimela di kanna tsa thunya ho tloha Pudungwane. Mebala ya dipalesa hangata e ya fapa fapana ho tloha ho bo pinki bo kganyang ho ya ho bolamunu le bosehla ho ya ho bosweu. Diphetale di bopehile jwalo ka le mahlaku a lesokwana mme a na le bolelele ba dimilimithara tse 40.

Tikoloho

Bauhinia galpinii e ka fumanwa ka ho hola dibakeng tse meru.

Tholwana

E thata, pete e jwaloka poto patsi e na le dipeo tse seng kae tse sephara.

Dintlha tsa Tshimo

Ho sa tsotellehe ka lebitso la yona le bontshang hore e fumanwa sebakeng sa Kapa ya Afrika Borwa, semela sena ha e le hantle se tloha dibakeng tsa themperetjha e futhumetseng tsa naha. Lebitso la yona le tswa ho De Kaap Valley teng ka Profinseng ya Mpumalanga haufi le Mbombela [Nelspruit].

Semela sena se atile dibakeng tse merung ya Afrika Borwa le, ka lebaka la botle ba yona le boiketlo ba ho lema, ke hona jwale e fumanwa lefatsheng ka bophara. E boetswe e tsejwa ka Seafrikanse e le Vlam van die Vlakte ho bolelang "lelakabe la dithoteng”.