Porcupine
Noko

© Nigel Dennis

Lebitso

Noko ya Afrika, Noko ya Kapa [Hystrix africaeaustralis]

Ponahalo

Kabobedi ba tsona tse tona le tse tsehadile dinoko tsa Afrika di na le tekanyo ya boima ho tloha ho dikilogerama tse 18 ho isa ho tse 30 (hoo e kaba dik'hilograma tse 40 ho ya ho tse 60) le tse ka bang botelele ba maoto a mabedi.
Noko ya Afrika ke mofuta wa kgoto o naleng mokokotlo o molelele o bohale, ho fihlela ho 50cm ka botelele, e koahela morao hohle le ka tsoswa ke mesifa ka tlas ha letlalo. Le hoja ho e tshwanang ka ponahalo le Echidna le ha di sa amaneng.
Echidna, hape e tsejwang e le thakadi e motsu, ke mofuta oa Monotreme hore e koahetswe ke sekhahla, metsu ya yona e bohale tswakane le moriri o mahoashe. Jwaloka Echidna, Noko ya Afria e na le boya bo sootho ke botsho ka mmala hape le metsu e mopudutswana ka mmala.
Noko ya Afrika e bolelele habedi ho na le Echidna (80.0 cm, vs. 47,5 cm,). Dinoko tsa Afrika ke mefuta ya dikgoto e kgolo ka ho fetisisa sebakeng sa tsona. Tse tsehadi, ka karolelano, dikgolwanyane ho tse tona di boima ka dikilogerama mme ka bobedi di kgolwanyane ho feta halofo ya mitha ka botelele.
Di boetse di phela nako e telele ho feta ditweba, ho pholoha dilemo tse 12 ho ya ho tse 15 naheng. Dinoko tsena tse koahetsweng ke bataletse, moriri o hlometse le metsu kamorao ho mekokotlo ya tsona. Phapang pakeng tsa meriri o hlometseng le metsu haholo holo ke nngwe ya bolelele le botenya, le metsu e fihlela ho 50 cm, meriri e hlometseng e botelele ba ho fihlela ho 30cm.
Meriri le metsu e tshweu le botsho e ka emiswa ka thato ya ho etsa phoofolo e tadimela haholo le kotsing. Tse ding tsa metsu tse fumanwang mohatlang di sekoti le ho etsa kotomana utlwahalla ha sisinyeha.
Metsu le meriri e hlometseng dibohale haholo mme tla theoha ha angwa ke diphoofolo tse di jang kapa tsa theoha ha di sisinngwa, empa di hola dikgutlele potlako. Dinoko tsa Afrika di na le ditedu tse telele haholo tse fallang.

Dijo

Dinoko tsa Afrika ke hangata di ja meroho, di sebedisa manala a tsona ka matla ho cheka ho fumana metso le dijo tse hlahang ha tlasa mobu. Di rata ditholwana tse wetseng fatshe ka nako engwe di tla lomana le dikutu.
Mala a yona a maholo le a atolositsweng a sehlomathiso a na le dikokonyana tse jang dijo kamale hape dikgona ho heletsa dikgwele tsa dimela. Di boela di tlalehile ho ja ditopo ka dinako tse ding.
Dibakeng tse phosphorous tlwaela ho e feba ka masapo. Dinoko tsena hangata ipokellela diqubu tse kgolo tsa masapo ka hara maphao a tsona.

Ho Ikatisa

Dinoko tse tona di fihlela ho kopanela diphate pakeng tsa dikgwedi tse robedi ho ya ho tse leshome le metso e robedi, tse tsehadi tsona di kopanela diphate pakeng tsa dikgwedi tse robong ho ya ho tse leshome le metso e tsheletseng. Ka lebaka la kaheho ya tsona e kotsi, tse tsehadi qala tsa thobalano ka ho e hlahisa ho tse tona.
Ho emara ho nka dikgwedi tse tharo. E ka tswala madinyane hotloha ho e le nngwe ho ya ho a mane ka phaposing ya jwang ka hare ha lehaha la batswadi dikgweding tse metsi tsa Patho ho ya ho Hlakubele.
Ka karolelano boholo di tswala le dinyane le leleng le karolelano ya boima ba 311g ka tswalo. Ledinyane le tswala le se le hodile hanyane, mahlo a se a bulehile le meno a le teng.
Le na le meriri e bonolo le metsu ha e hlaha, ka ho fetisisa etsahala hore ebe ho fokotsa tshebetso ya tswalo empa ka potlako di thatafalla moeeng. Madinyane a hola potlako, a qetella ho hola ha a fihla ho selemo.
Di a e ooka digwedi tse tharo ho ya ho tse nne ka dintlha le ka boima ba dikilogerama tse nne ho ya ho tse hlano. Ka morao hore dinyantshe madinyane a tsona, dinoko tse tshehadi sitwa ke ho ima sebaka sa dikgwedi tse tharo ho isa ho tse hlano.

Boitshwaro

Ha noko e kgathetse, e kokotletsa le ho hlahisa metsu ya yona e mesweu. Ho na le engwe taba ya hore noko ekile ya batla e bolaya lengau. Dinoko di tsamaya di le ding kapa ka dihlopha tse nyenyane tsa lelapa.
Ka tlwaelo di ya robala mahareng a letsatsi e be di ya ifepa bosiu. Noko ya Afrika haholo holo e tsamaya bosiu, le hoja e ka nna ya bonwa motshehare.Di na le a ditsebe tse utlwang haholo tse hlobaetsang mme ditla ema dihwamme ha di atamelwa ke dibatana tse ding, tse tshwanang le di katse tse kgolo, dinonyana tse kgolo, kapa diphiri.
Ha dikgathatsehile, dinoko tsena di ba bohale, dimathela ka thoko, kapa ka morao ho kenya metsu ya tsona e bohale eo e dihlaselang. Ho fapana le ditshomo, ha dikgone ho lahlela metsu ya tsona, empa di kanna tsa siya methu ena fetshe ha disisinya kotomana tsa metsu ya tsona e sekoti.
Boitshwaro ba yona ba ho itshireletsa ke ho ipata ka mekoting ya yona e shebile fatshe hore ha e be e ya hlaselwa, e kgone ho thunya metsu ya yona. Metsu e fetotsweng e kgethehileng tsejwa e le rattle quills eketsa ho lerata ha e sisinyeha.

Bodulo

Dinoko tsa Afrika di fumanwa ho tswa ho bophahamo ba lewatle bo hodimo ho dimithara tse 2000 dibakeng tse ngata tsa dimela. Di kgetha maralla a majwe le mafika, ka hobane a nale bodulo nakong ya letsatsi.
Hangata di nka bodule mahaheng kapa masobeng a kgaha. Di boele di haha maphao eo a ka fihlelang ho 20m ka botelele le kamore e 2m ka botebo bakeng sa ho phela.

Moo Difumanwang Teng

Di phela Afrika Lebowa, Afrika Borwa le Afrika Bochabela.

Dipalo tse Bohlokwa

Lebitso la se Latin: Hystrix africaeaustralis
Boima (E tshehadi): Dikilogerama tse 10 - 24
Boima (E tona): Dikilogerama tse 10 - 19
Bolelele (E tshehadi): 84 cm
Bolelele (E tona): 84 cm
Nako ya ho emara: Dikgwedi tse 7
Palo ya madinyane: 1 - 4
Boima ka tswalo: 315 g,
Taelo: Rodentia
Lelapa: Hystricidae
Ho ikatisa: Ledinyanya le le leng ho isa ho a mararo a ya tswalwa ka nako efe kapa efe ya selemo (dibakeng tsa lehlabuleng la pula, Phato - Hlakubele) ka morao ha nako ya ho emara dikgwedi tse ka bang tharo.

Tlhaloso ya Spoor

Noko e na le menwana e mehlano maotong a ka pele, menwana ya pele e mebedi e mekgutswane ekare ke kutu e nyenyane e se nang manala.
Menwana e meng e hantle e nale manala e beng menwana ya maoto a ka morao e nale manala kaofela. Mehlala ya metsamao ya o na e bontsha mehato e meraro e nyallanang le e mebedi e haufinya.