Nelson Mandela monna wa bokamoso ka Archbishop Desmond Tutu

© Eric Miller

O a lora?

Ka Moqebelo ka mora hore Nelson Mandela a kgethwe e le mopresidente, ke batho ba 30 000 ba neng ba tlile moketeng wa teboho o neng o tshwaretswe FNB Stadium haufi le Soweto. Ke ne ke dutse ka thoko ho mopresidente ya sa tswa kgethwa Nelson Mandela mme ka mmotsa, “O ikutlwa jwang?

O nahana hore ke nnete sena se ya etsahala na?” ka tlwaelo, a araba, “Ke hopola ha Leah a ne a tlaleha a le New York moemedi wa naha Norwegian hore o mohlodi wa Noble Peace Price ka 1984”.

O a hlalosa, “Re ile ra itsipa ho etsa bonnete ba hore ha re lore”. O ile a re, ka hobane monna enwa o a tsoteha ebile o nale seriti, empa o wa makatsa ebile o ikokobeditse, mme o ntse a ena le ditoro tsa boleng. Re ile ra itsipa ho etsa bonnete ba hore re tsohile.

O tsotwa ke lefatshe

Ka Hlakola 1990, monna enwa e ne entse e le motshwaruwa, a ne a tshwerwe dilemo tse 27, ka lebaka la hore o ne a ena le sebete sa hore yena le batho ba hae ke batho mme ba nale ditokelo , ho kenyeletsa le tokelo ya ho nka karolo diqetong tsa lefatshe la bona. Ka lebaka leo yena le ba bang ba ile ba kwallwa, ba bang ba tshabela dinaheng tse kantle ha ba bang bona ba ile ba timela.

Makgowa a mangata a ne a nka Nelson Mandela jwalo sekgukguni kapa mohlomong jwalo ka sebopeho sa diabolosi, ya lokelang ho dula a kwalletswe. Re ile ra bona matla a oketsehileng a phetoho e etsahetseng pela mahlo a rona. Ena, bakeng sa nako e telele e ile ya nkuwa e le moleko, oo o ileng wa fetoha hore kajeno a hlomphuwe ke bao ba mo hatelletseng nako e telele.

O ne a sa etse phoso. O ne a hohela le ba dipelo di thata, kaofela ba ja ka thabo ka hare ho letsoho la hae mme kantle ho qeya qeyo ke hlooho ya mmuso e hlomphuwang ke lefatshe.

MaAfrika Borwa a makgowa a ile a makatswa ke botho ba hae le maikemisetso a ho tshwarela, le ho etsa dintho tsohle bakeng sa kopano le ho ntshetsa pele poelano, ka nako e nngwe ho ne tena ba bang ba setjhaba sa batho ba batsho. Monna wa bokamoso ke motobi e moholo hobane o nale botho mmoho le bofokodi ba hae. -Archbishop Tutu

Translated by Sibongile Sonopo

Mandela, The Moral Voice of Africa

Sebakeng sa OAU Tunis ka Phupjane 1994, motlalehi o ile a hlalosa mopresidente Mandela e le “lentswe la boitshwaro la Afrika”....more

Nelson Mandela our beloved President by Raymond Louw

Ha se feela hore o ne a apere jeresi ya di Springbok ka papadi ya makgaola kgang, e ileng ya fa Afrika Borwa monyetla kgetlo la pele ho hlah...more