Belelson Mandela- mopresidente eo re mo ratang ka Raymong Louw

© Eric Miller

Madiba ka hara hempe ya do Springbok

Ho makatsa haholo ka moo Nelson Mandela fetotseng monahano wa setjhaba, ho tloha ho sera se ka sehlohong hoya ho naledi ya mofuta wa yona ho e leng “Mopresidente wa rona wa Afrika Borwa, le ho ba neng bale matona a makgowa qalong. Ha se feela hore o ne a apere jeresi ya di Springbok ka papadi ya makgaola kgang, e ileng ya fa Afrika Borwa monyetla kgetlo la pele ho hlaha tlhodisanong e hlomphehang, le ha hole jwalo sena ke letshwao le e entseng phetoho e thabisang.

Monna ya neng a bolela ka moo e leng setho sa AWB (Afrikaner Weerstandbeweging kapa Afrikaner Residentce Movement) o ile a letsetsa puisanong ya sealemoya, Radio 702, ka Mantaha o lateleng mme a bolela ka moo tshehetso ya mopresidente ho di Springbok e entse ho bonahala eka o ne a lwantshana le tumelo ya hae mafelo a beke ohle mme a tsoha a beya meja fatshe letsatsi le latelang.

Empa sena e ne e se feela ho hlaha Ellis Park Stadium ka jeresi e bosehla le botala le nomoro ya 6 ka morao, e ne e le tshehetso e tiileng ya sehlopha sa naha. O ile a bitsa di Springbok ka makgetlo a ba lakaletsa mahlohonolo dipapading tsa bona. O ile a ba a etsa boipiletso ho setjhaba hore letshwao la naha la di Springbok le seke la fetolwa, ba behele ka thoko taba ya hore letshwao leo ke sesupo sa kgethollo mme ba batla ho le fetola ba sebedisi palesa ya Protea e mebalabala.

Boselamose ba Madiba hanyane

Dikopano tse ngata le General Constand Viljoen wa Freedom Front ka taba ya Volkstraat e ile ya kenella hore a eme le maburu mmoho le mokgatlo wa AfrikaansNationalist-based Agrigulture ho buisana le bonaka mathata a bona.


Le ha hole jwalo matshwao a ne lele bohlokwa, ha ba ikarabelle ho hang ka ho kgutlisa maemo hara maburu. Kgohedi ya hae e e entse tse ngata, mekgwa e metle le botshepehi, empa hape le ka boselamosenyana ba hae boikgethileng.

Translated by Sibongile Sonopo

Benjamin Pogrund's Favourite Mandela Story

Hara dipale tse ngata ka Mandela eo ke e ratang ke ha a ne a mpolella ka Jules Browde, monna wa lekgowa ya tsebahalang eo e leng moemedi wa ...more