Nelson Mandela o ile qhala menahano eo e neng e re ke mesiya wa Afrika. “Ha ke nahane hore ho nepahetse hore le mpone ke le mesiya ya tlo lokolla continente”, o ile a bolella batlalehi ha ane a amohelwa ka mofuthu Tunis sebakeng sa OAU ka 1994, e le ketelo ya hae ya pele jwalo ka mopresidente. Empa boholo ba batho ba mmona ka kganya eo.
Ha a Tshwane le dipresidente tse ding lefatsheng, mopresidente Nelson Mandela o tlisitse bohalaledi bopresidenteng, a etsa karolo e kgolo ka nako ya hae e telele e makatsang tjhankaneng mmoho le ho sebatle boiphetetso ho batho bao ba neng ba motsamaisi tseleng e lerotho dilemo.
Ha a ka a tshwana le dihloho tse ding tsa mmuso tse ileng tsa sebedisa matla a tsona hampe, ba ipokella ka maruo leho ikgotsofatsa bo bona ka bophelo ba maemo, mopresidente Mandela o ipheletse bophelo bo bobebe mme a etsa bopresidente ba hae e be kalana eo a tla fana ka dithuso. O ile a theha letlole la bana le ikgethileng, mme thuso ena e ne etswa mokgolong wa hae wa R150 000 (US $41 000) ka selemo dilemong tse hlano ka tatellano, o ile a mema ba bang ho kena ka ho ntsha ka ho lakana.
Boholo ba bo rakgwebo ba ile ba kena. O ile a sebedisa le matla a hae a bopresidente ka ho fana ka morolo ho boiqapelo bo ileng ba qetella e le dijo tsa hoseng bakeng sa bana ba sekolo se tlaase le mefaho ya tlhokomelo ya mahala dipatala le ditliliniking bakeng sa baimana le masea.
Sebakeng sa OAU Tunis ka Phupjane 1994, motlalehi o ile a hlalosa mopresidente Mandela e le “lentswe la boitshwaro la Afrika”. Kopanong ya bokone ba toropo ya Afrika e neng e na le puso ya kgatello le makoko, moketeng wa ho nyedisa seboka sa OAU, ka boteng ba baetapele ba kgatello ba nang le bobodu ba Afrika, mabitso a ne a ena le dintlha.
Batlalehi ba ile ba botsa hore na moifo wa Afrika Borwa o ka leka ho tlisa ho OAU boleng ba boitshwaro boo Afrika Borwa e bonkileng ka moloaotheo o motjha wa ponaletso kgatellong ho mmuso le tokoloho ya puo le motsamawo.
Mopresidente Mandela le moifo wa hae ka botho ba iphaphanyetsa potso ena, mme ka nnete lemo se latelang, yena le mmuso wa Afrika Borwa ba ile ba tswela pele ka melao ho hlalosa ‘’ ho se kene ditaba tsa ba bang’’, empa ba hloka tshebedisano mmoho le ditjhaba.
Mopresidente Mandela o ile a kopa dinaha ho nka molao theo wa tokoloho le ho phethahatsa ditokelo tsa botho, mme o ne a ikemiseditse ho shebana le kgatello ya botho, ho kenella le boferekanying letse ding, dinaheng tse thusitseng ANC dilemong tsa ntoa.
Sena se ile sa lebisa nakong e swabisang ya setswalle sa Afrika Borwa le United States le dinaha tse Bophirima e ileng etsa tsitsipano ho setswalle sa Nelson Mandela le Libya, ho hloka botho ha North Afrika ho ile ha baka tshitiso ya Pan American Airlines “Jumbo jet” Lockerbie Scotland ka 1988, le Cuba Fidel Castro eo America e sa kang ya motshwarela ka lebaka la bohlokwa ba bosetjhaba ba kgwebo US ka puseletso e thata le kenya nyutlelei sephiring sehlekehlekeng. Tumellano ya oli ya Afrka Borwa le Iran e ile ya baka kgohlano le United States.
Empa ntle le dikgohlano tsena, United State le Europe di ne di shebile ho mopresidente Mandela le Afrika Borwa ho ba matla a ka sehloohong Afrika, mmoloki wa kgotso le moetsi wa moruo. Ka bobedi America le Europe ba ile ba tshela dimiliyone tsa didolara ka dilemo ho ya tlaase empa ha ba ka ba thabela sephetho.
Ho se hlokahale ha karolo e kgolo ya leruo e ile ya wela ba bang ba baetapele ba Afrika mme dinaha tsa bona tsa nna tswela pele ho teba ka ho bola. Jwale ka ha kgatello re se re e siile morao, America le Europe ba kopa Afrika Borwa ho nka boetapele kontinenteng. Ba batla ho bona boima ba Afrika bo fokotsehile ho bona mme bo ile ho bona jwalo ka MaAfrika.
Jwale ke mang ya ka etsang bobebe bo, ntle le mopresidente Mandela le Afrika Borwa? Ka nako eo, hara ditjhaba Afrika Borwa e ile ya bonahala e le tshepo ya Afrika. Bongata ba ditjhaba tsena bo ne bo tshwara mamello ya bona ka baka la nako e nkuweng ka dipuisano tsa diphetoho tsena tsa ho ba kenya Afrika Borwa.
Mopresidente Mandela o ile a susumetswa ho etella pele kontinente le ho thusa mollo Lesotho ha a ntse a ikitlaetsa ho rotloetsa Nigeria, Mozambique le dinaha tse ding. Empa mopresidente Mandela o ile a hlokomela sefi se hlwekileng se a neng a tlo wela ho sona, hobane e ne e tloba letshwao la pholoso ya Afrika empa ho ntse ho ena le merusu lapeng. Jwale o ile a kgetha ka bohlale ho ba karolo Afrika ha ntse a fa boholo ba nako ya hae mathata a lapeng.
Translated by Sibongile Sonopo