Natal Mahogany
Thope ya natala

© Shem Compion

Lebitso

Thope ya natala (Natal Mahogany)

Lebitso la selatini

Trichilia emetic

Tlhaloso

Se seholo, se dula sele setala ka nako tsohle, ebile se tletse hohle se nale moqhaka o teteyaneng bakeng sa moriti. Makgasi a matle a matala bo tibileng ebile a ya phatsima. Palesa e monko o motate e tala bo romo ka mmala mme e hlaha ena le makala a tiileng. E kgona ho emela komello ya mariha le serame.
Makgapetla a boreledi a sootho bo tibileng hoya boputsweng ka mmala. Ke sefate se hlohlorang Makala ka selemo, se ka hola ho fihlella dimitareng tse 20. Lero la yona le hohela dinotshi le dinonyala. Tholwala e kgidikwe, e meutlwa, ha entse e hola, e hlahisa peo e hlahetseng ka maheltla e kgubedu le e ntsho e jewang ke dinonyana.
Ka nako tse itseng sefate se beya dipalesa tse tona, mme ha ele jwalo ha e behe ditholwana.

Tshebediso

Ditshwene dija dipalesa, mme diapi le matsa dija ditholwana. Batho ba selehae ba inela peo ka metsing, etlo siya ho kareng lebese seo ka dinako tse ding e jewang ka sepinatjhe. Peo e jewa ke mefuta emeng ya dinonyana. Oli e ntshuwang peong e sebediswa ho etsa dihlahiswa tse itlotsang. Mme e thusa hape le ka ho fodisa masapo.
Makgapetla athusa ka lehlatso le ka ho etsa dae e pinki. Sefatse se palesa pakeng tsa Phato le Pudungwana, se beya ditholwana pakeng tsa Tshitwe le Mmesa. Patsi e sebediswa bakeng sa ho etswa seletsa sa mmino, fanitjhara le diketswana.

Bodulo

Di fumaneha merung e bulehileng le merung ya dinoka. Di ka fumanwa Sudan hoya Kwazulu-Natal.

Moo di fumanehang

Di fumaneha dibakeng se ngata jwalo ka profense e Botjhabela le Kwazulu-Natal Afrika Borwa.

Dintlha tsa tshimo

Le ha peo ya semela sena e jewa, ho bohlokwa hore ho tsejwe hore karolo e ka ntle ya peo ena le tjhefu.