Melemo le Tshebediso ya Kwaeyalekgwaba

©Marinda Louw

Kwaeyalekgwaba e theko e tlase ebile e phepo e ntle mme ho kenyeletswa ha yona dijong tse kang di-omelette le ditjhu, ho eketsa tatso le boleng ba phepo dijong. 

Afrika Borwa, tsela e tlwaelehileng haholo ya ho sebedisa kwaeyalekgwaba ke ha e phehilwe (e sa tswa kguwa). Kwaeyalekgwaba hangata e sebediswa dijong tse kang sephaphatha sa lehe (omelette), risotto, disopho le moro wa kwaeyalekgwaba ho kopantswe le nama, pasta le meroho. Kwaeyalekgwaba e ka jowa e le tala disalateng mme ya sebediswa e le moriana. 

Sengolwa sa ‘Mushroom Products’ se fana ka lesedi le batsi dihlahisweng tse amanang le kwaeyalekgwaba.

Na Kwaeyalekgwaba e Phepo e Ntle

Kwaeyalekgwaba e na le tlheferetsi, protheini, divithamini, diminerale le antioxidants. Di-antioxidants tse teng ho kwaeyalekgwaba ke selenium, vitamin C, choline hammoho le amino acid e nang le sebabole: ergothioneine eo e boetseng e sireletsa kgahlano le kgatello ya ho hahlamelwa ke moya. 

Kwaeyalekgwaba ya konopo ke mohlodi e moholo wa divithamini tse fapaneng tse robedi le diminerale tse fapaneng tse tsheletseng. Tsena di kenyeletsa copper, selenium, potassium, manganese, zinc le phosphorus hammoho le divithamini tsa B1, B2, B3, vithamin C le pantothenic acid. 

Hungary, naha e nang le kgaello ya selenium, e entse dipatlisiso tsa motjha wa ho matlafatsa kwaeyalekgwaba ya konopo ka selenium ka ho lokisa manyolo a hodisang ka selenium. Ha e le antioxidant, selenium e na le seabo sa ho thibela hlahala le ho fokotsa ditlamorao tsa pheko ya mofetshe.

Kwaeyalekgwaba le Vithamin D

©Louise Brodie

Vithamin D e a hlokeha ho matlafatsa tshireletso ya mmele mme e hlokwa bakeng sa masapo a phetseng hantle ebile e sireletsa mmele kgahlano le lefu la ho fokola ha masapo, kgatello e hodimo ya madi le ho ruruha. 

Le hoja kwaeyalekgwaba e holela boemong bo se nang kganya ya letsatsi, e ka ba mohlodi wa bohlokwa wa vithamin D. Kwaeyalekgwaba e na le ergosterol, mafura a semela a fetohang ho ba vithamin D2 ha a pepeswa mahlaseding a UV. Dipatlisiso tse entsweng Sydney Medical School ya Australia di fumane hore ha kwaeyalekgwaba ya konopo (e tala) e pepeswa kganyeng ya letsatsi ha tadi e antsha, nako e etsang hora, e na le 10 mg ya vithamin D, e leng tumello e kgothaletswang ya letsatsi le letsatsi ya vithamin D bakeng sa batho ba baholo. Kwaeyalekgwaba e sootho ya portabella (kapa portobello) e nka dihora tse ka bang tse pedi ho fihlela boemo ba vithamin D ba 10 mg.

Ho Jewa ha Kwaeyalekgwaba

©Marinda Louw

Kwaeyalekgwaba e fumaneha ka dibopeho tse fapaneng - e le ntjha, ka makotikoting, e omisitswe, e le phofshwana, le ho hwamiswa sehatsetsing - ho ya ka mofuta wa semela, e ka jowa tala, e phehuwe, e kolobisitswe ho tswa boemong ba ho omiswa mme e ka boela ya sebediswa e le moriana ka dibopeho tsa dipilisi le phofshwana. 

Kwaeyalekgwaba e boloka dimatlafatsi tse ngata ha e phehwa nako e kgutshwanyane mme ho fumanwe hore ho besa kapa ho pheha kwaeyalekgwaba kahara leifo la mahlasedi (microwave) ho eketsa melemo ya antioxidants ha ho bapiswa le kwaeyalekgwaba e hadikuweng.

Nama le Kwaeyalekgwaba

Hangata kwaeyalekgwaba e kopanngwa le disebediswa tse ding kapa e kenyeletswe dijong tse ding ho eketsa umami (tatso e letswai kapa dinoko) ya dijo. 

Ho na le mokgwa o ratwang wa ho tswaka kwaeyalekgwaba le nama ho fokotsa dikateng tsa kilojoule le ho eketsa tatso le phepo ya sejo se thehilweng nameng. Dipatlisiso di supa ha ho tswakwa ha kwaeyalekgwaba ka 50:50 le nama (nama e sitsweng ya kgomo, kgoho, ya nku le ha e le tlhapi) e tla fokotsa ho jewa ha mafura a mangata le ho eketsa boleng ba phepo ya dijo ntle le ho lahlehelwa ke tatso e nama.

Kwaeyalekgwaba e le Setlhare

©Marinda Louw

Ntle le dijo, kwaeyalekgwaba e ka boetse ya sebediswa ho phekola mafu a fapaneng mme esale e sebediswa ka dilemo tse balwang ka dikete e le setlhare sa setso Botjhabela. 

Ho na le mefuta e fetang 2000 e hlwauweng ya kwaeyalekgwaba e jowang le/kapa ya ditlhare ka dipatlisiso tse ngata tse etswang ka melemo ya yona le boleng ba meriana. Se latelang ke tlhaloso e kgutshwanyane: 

Dipatlisiso tse ntseng di tswela pele di supa hore mefuta e itseng ya kwaeyalekgwaba e na le seabo ho thibelweng ha mafu a amanang le botsofadi a jwaloka lefu la kelello (Alzheimer’s) le lefu la methapokutlo (Parkinson’s). Dipatlisiso di shebane le mefuta ya kwaeyalekgwaba e tla ntlafatsa kgopolo le metjha ya ho nahana empa ho fihlela ha jwale, kwaeyalekgwaba ya mofuta wa turkey tail ke yona e batlisiswang ka ho fetisisa. Makgabane a ho phekola jwaloka ho sebediswa ho phekola tshwaetso (ho kenyeletswa HIV le herpes), ho matlafatsa masole a mmele ho bakudi ba nang le mofetshe wa matswele le melemo ya yona ho fodiseng mokgathala o matla o sa feleng, e ntse e tswela pele ho batlisiswa. 

Makgabane a mang a ditlhare a kwaeyalekgwaba ke: antioxidant, ho thibela lefu la tswekere, ho thibela hlahala, ho thibela mofetshe, ho ama tshebetso ya masole a mmele le ho thibela allergy. Mefuta e meng ya kwaeyalekgwaba e tlotlwang ka ho katleho ya ho lwantsha mofetshe ke mofuta wa Agaricus (kwaeyalekgwaba e sootho le ya konopo), kwaeyalekgwaba e hlaha - bay bolete, enoki, kwaeyalekgwaba ya Lactarius (‘milkcaps’), mefuta ya sehlopha se mmala o kganyang ya Russula le tse ding tse ngata. 

Ha se kwaeyalekgwaba yohle e molemo e jowang mme ho lokela ho elwa hloko haholo ha ho tsongwa kwaeyalekgwaba e hlaha. Ho eletswa ho ikopanya le setsibi sa kwaeyalekgwaba kapa ngaka pele ho ka sebediswa kwaeyalekgwaba e tsonngweng, e le bakeng sa ho jowa kapa e le setlhare.

Translated by Maletsatsi Sejake