Nakong e fetileng bophelo ba setso sa Sezulu bo ne bo hlophisitswe hantle le tao e totobatsa ntlha e nngwe le e nngwe. Motho e mong le e mong o ne a e na le sebaka le mesebetsi e tobileng ho etsa, ho itshetlehile ka tekano, dilemo le boemong ba malapeng (umuzi).
Phapang pakeng tsa dintho tsa motse e ile ya tiiswa ke hore motho e mong le e mong o ile a feta ka mekgahlelo e mengata, mme ha ho le e nngwe ya tsona e neng e ka kenngwa ntle le ho itokisetsa le mokete. Mokgahlelo ya pele ho tloha bongwaneng ho fihlela motho e moholo o ne a tsejwa ke qhumbuza kapa mokete wa ho kwetlisa tsebe, oo ngwana e mong le e mong a neng a lokela ho o etsa pele a fihla lemong tsa bocha. Ka 1828 shaka o ile a bolawa ke bana babo eleng Dingane le Mhlangana.
Ka mora ntwa e tshabehang e bileng pakeng tsa batshehetsi ba bona ka bobedi ka morao ho moo Dingaane o ile a fumana balatedi ba bangata ho tlala seatla mme a etelle pele morabe wa Mazulu.
Dingaane o ne a sena tsamaiso entle ya ho etella pele sesole jwalo ka Shaka le tsamaiso e lokileng hoka tsamaisa sechaba,kapa yona tsebo eo Shaka a e qadileng. Morena wa marabele o ile a thuba mme Dingaane o ne asena bokgoni ba ho baqobella ho kgutlela ho yena. Mehleng ya kgale, ena e ne e le ketsahalo ya mokete wa bohlokwa aa qaleho o bitswang thomba, o neng o sebetsa ka ho tshwanang ho bashemane le banana. Nakong ya tshebetso ya, bashanyana le banana ba lekanang le bona ba ile ba arolwa ka sekhukhu, moo ba rutwang ke barupelli ka ditlhoko le boikarabelo ba batho ba baholo. Nako ya ho ba le sekhukhu e ile ya fediswa ka mora ho kenngwa ha tsamaiso ya mabutho (mebuso ya dilemo-lemo) ho elella bofelong ba lekgolo la bo18 la dilemo.
Ka mora mokete wa thomba o motona, moshanyana eo o ne a bitswa insizwa (mohlankana) mme o ne a lokolohile ho ahlola dikgau tsa dilemo tsa hae le sehlopheng sa hae, empa o ne a sa lokolohe ho nyala. Ditshebeletso tse ding tse pedi tsa ditemana di ne di lokela ho etswa pele sena se ka kgoneha. Ntho ya pele e ne e le ho kenngwa ha hae mokgatlong wa sesole, o kakenang dilemo tse 10 tsa tshebeletso ho morena. Ya bobedi e ne e le ho roka hodima isicoco kapa hlooho, e neng e bontsha ho fihlela motho e moholo.
Mokete wa lehlaka o ikemiseditseng ho ruta boikgohomoso ho basadi ba bacha, o fetohile ketsahalo ya bohlokwa, e leng teng ho banana ba tswang sebakeng sohle sa KwaZulu-Natal. Ho tloha ka 1994, ha African National Congress e e ba enka puso, ho entswe boiteko ba ho fetola mokete ona hore e be ketsahalo e sa tshwaneng, empa ha e eso atlehe ka ho feletseng.
Basadi ba bacha ba boetse ba na le mekete e tlang ya bocha (umemulo). Ho bona, lelapa la mosadi eo le hlaba kgomo eo a e jang ha a ntse a tantsha baeti ba bokaneng Mafura a tshwantshetsa tshireletso ya baholo-holo ba hae a tla mo fa ha a tloha hae a kena lenyalong mme a dula ntlong e nngwe.
Translated by Sebongile Sonopo