Mofuta ona o bonahala o hlaha Cahors, France, mme wa sebediswa hoba sefate se neng se jalwa haholo Borwa Bophirima nakong ya dilemo tse bohareng.
Dibaka tse kgolo tsa mofuta ona leha hole jwalo di ile tsa senngwa nakong ya ho phatlalatswa hwa Phylloxera dipakeng tsa 1875 le 1889, ka mora moo difate di ile tsa nkelwa sebaka ke mefuta e tlisitseng pheletso e babang hoya ka maAmerika a neng a jala hodima difate tse neng di bolauwe ka lebaka la phatlalatso ya Phylloxera.
Sebaka se ka tlasa tlhahiso se ile sa tswela pela ho utlwa bohloko haba fumana ho hoholwa ho hong ka nako ya lehlwa ka 1956, moo difate tse ngata ntle le tsa Cahors e ileng ya dilukisetsa mofuta o motjha jwalo ka wa Cabernet Sauvignon le Merlot.
Merlot o ile wa fuwa monyetla wa bobedi wa ho phela Argentina, ha Domingo Sarmiento eo ka nako eo e neng e le mmusisi wa Mendoza mme tsa maong ya eba moporesidente wa Argentina. O ile a hira setsebi sa mobu e leng Moguel Pouget ho tlisa dikutu tsa difate tse kgaotsweng France.
Sarmiento o ne a batla ho aha industeri ya veine Argentina e tla tsebahale e le ya French. Kgetlo la pele ha dikutu tsa Malbec di fuhla Argentina ke ka 1852, nakonyana feela ka mora setsokotsane sa Phylloxera France. Ho tlowa ka nako eo disele tsa bong tsa nyamela France.
Ha France e ntse e sokola ho hlaha a Malbec e ne e hlaha maemong a futhumetseng a lehodimo Argentina, hoo ho ileng hwa qetella e le yona naha e ka hodimo ya sehlaiswa sena.
Sethatong, boholo ba veine e ne e etswa seterekeng sa lehae, empa ka bo 2000 naha e iel ya tiisa taba ya ho isa ntle le ho theha mokgwa wa ho ntlafatsa le ho tiisa boleng ba dihlahiswa tsa di ya ntle. Malbec e ile ya eba letshwao la veine e kgubedu Argentina.
Boholo ba Malbec bo bonahala bohola Aforika Borwa, ka di baka tse ka tlasa tlhahiso tse holang ka bonyane 40ha ka 1990 hoya ho 450ha ka 2016. Difate di fumaneha dibakeng tsohle tsa tlhahiso ka hare ho naha. Swartland le Stellenbosch di ballwa hoba kotara tse tharo tsa kakaretso ya palo tsa sebaka seka tlasa tlhahiso.
E hola ka matla ka mokgwa wa ho nama. Tlhahiso e ba boholo bo dipakeng tsa 10-14ha.
Translated by Sebongile Sonopo