Ho Nontshwa Ha Makgulo

© Wald1siedel

Ho nontshwa ha makgulo ho bohlokwa haholo, ka nako ya ho jala hammoho le hamorao ha ho hlokomelwa makgulo. Sepheo se seholo sa ho nontsha makgulo ke ho netefatsa hore makgulo a na le dimatlafatsi tse hlokehang bakeng sa tlhahiso ya diphoofolo mme ho hlahiswe le dihlahiswa tse ommeng tse lekaneng bakeng sa ho fepa mehlape. 

 Ho ya ka melao ya agroecology, ho fepa mobu ho molemo ho feta ho fepa semela. Kahoo, ntlha ya pele lenaneong la ho nontsha e lokela ho ba ho lekodisisa mobu ho kgetholla makgabane a mobu le tekatekano ya dimatlafatsi mobung. 

pH Ya Mobu Le Boteng Ba Dimatlafatsi

Sekala sa pH se qala ho 0 ho fihlela ho 14, mme pH 7 e le ntlha e bohareng. Ho leng ka tlasa pH 7 ho na le acid e ngata mme ka hodima pH 7 ke alkaline. Sepheo se seholo sa ho lokisa pH ya mobu ke ho lokisa acid e teng mobung ka ha pH e na le seabo se seholo ho boteng ba dimatlafatsi mobung. 

Ho tshela kalaka ya temo ho fepela ka dimatlafatsi tse hlokehang semeleng tse jwaloka calcium le magnesium ,ho ka fokotsa boemo ba aluminium bo kotsi mme hwa eketsa boteng ba phosphorus (P) mobung.

Mobung o pH e ka tlasa 6, boteng ba nitrogen e monngwang ke dimela bo monyebe. Hape, boteng ba dimatlafatsi tse fumanehang ka bonyane e leng manganese (Mn), iron (Fe), copper (Cu), zinc (Zn), le boron (B) di na le ho fokotseha ha pH ya mobu e eketseha- ke ha mobu o ba alkaline.

Jwang le dijo tsa peo (legumes) tsona di fapane ka mamello ya tsona ho pH ya mobu. Jwang bo kgona ho mamella pH e tlase, feela le ha calcium kapa magnesium e haella, ho tshelwa ha kalaka ya temo ho a hlokeha.  

Dijo tsa peo di hloka mobu o nang le acid e mahareng ho ya ho e lekaneng ho re tjhai e be ntle, hammoho le kgolo ya baktheria ya Rhizobium, e leng bohlokwa bakeng sa metjha ya ho tiisa nitrogen dijong tsa peo mobung. Ho tshelwa ha kalaka ya temo ho ka fapana ka ho ba kalaka ya calcitic kapa dolomitic mme ho tla ya ka boemo ba kgaello.  

pH ya mobu e na le ho theoha(ho ba acid) ha ho sebediswa monontsha o nang le motheo wa ammonium kapa ha ho jalwa dijo tsa peo tse ngata. 

Phosphorus

Ditlhoko tsa phosphorus bakeng sa makgulo a jwang di na le ho sa lekanngwe ka nepo mme le ha makgulo a jwang a ka kgona ho phonyoha boemo bo tlase ba phosphorus, tjhai ya makgulo e tla ba ka tlasa bokgoni ba yona ba tlwaelo.  

Ka lebaka la tshebedisano e pakeng tsa nitrogen le phosphorus, phosphorus e ba bohlokwa le ho feta ha nitrogen e tshelwa makgulong. Phosphorus (P) e bohlokwa haholo bakeng sa tlhahiso e atlehileng ya dijo tsa peo haholoholo makgulong a lesere a nosetswang. Mohlala, hangata clover e holela dibakeng tse nang le pula e ngata, moo phosphorus le kalaka ya temo di dulang di hlokwa.

Potassium

Ha makgulo a fulwa, 90% ya Potassium (K) e nkwang ke mehlape e fulang moo e kgutlisetswa mobung ka tsela ya moitedi le mosese. Le ha ho le jwalo, ebang makgulo a kutwa kgafetsa bakeng sa furu kapa silage, potassium e a tloswa ka tsela eo.

Mohlala, ho tloswa 10 kg ya potassium ho tone e nngwe le e nngwe ya jwang ba mohlomo (Eragrostics curvula) ha bo kotulwa. Boloka boemo bo nepahetseng ba potassium mobung ka ho tshela selemo le selemo. 

Nitrogen

Nitrogen (N) ke motheo wa tlhahiso e atlehing ya makgulo a jwang. Lenaneong lefe kapa lefe la ho nontsha, ho lokela ho ba le tekatekano pakeng tsa nitrogen le dimatlafatsi tse kang phosphorus le potassium, maemo a tsona a lokela ho tsamaisana le metsi a mobung hammoho le mofuta wa makgulo. Nitrogen e ka nna ya tshelwa ho isa makgetlong a menahaneng ha tshelela mme makgetlo a ho tshelwa ha yona a tla itshetleha ho mofuta wa makgulo, tlhahiso, bolelele ba sehla sa kgodiso, boemo ba lehodimo le moo mehlape e robalang teng. Makgulo a holang ka lehlabula a sebedisa nitrogen ka nepo mathwasong a sehla sa ho lema mme ho ka ba molemo ho apesa mobu ka lera la jwang kapa hona ho tshela manyolo ka moo ho lokelang.  


Dijo tsa peo tse nang le dintlha tsa kgolo tsa Rhizobium tse hodileng hantle ha di hloke nitrogen. Ebang makgulo a matjha a dijo tsa peo a ba mmala o mosehla, ho ka bolela hore baktheria ya Rhizobium ha e so ka e qala ho tiisa nitrogen moyeng kapa semela se na le kgaello ya nitrogen. Ke mona moo ho hlokehang ho apeswa ha mobu ka nitrogen ho hlola bothata bona.

Dimatlafatsi Tse Hlahellang Ka Bonyane

Kgaello ya dimatlafatsi tse fumanehang ka bonyane haholo  molybdenum (Mo) ho ka sitisa tlhahiso e lekaneng ya dijo tsa peo empa hona ho ka lokiswa habonolo. Diteko tsa mobu di ka etswa le keletso ya moeletsi ka tsa temo e a kgothaletswa.

Ela hloko: Lesedi lena ke bakeng sa thuto le tlhahiso-leseding feela mme le ke ke la sebediswa e le keletso ya ho nontsha mobu. Bakeng sa lesedi le batsi la ho fepa mobu wa hao le ho nontsha makgulo, ikopanye le setsibi ka tsa temo.

Translated by Maletsatsi Sejake