Ho Kwetliswa ha Dihwai tsa Mmutlanyana

© Judy Stuart
Mmeutlanyana ha e tshwane le phoofolo efe kapa efe e lengwang. E na le ditlhoko tsa mantlha tse ikgethang le tse sa sebetsanweng hantle dihlopheng tsohle, temo ya mmutlanyana e tla hloleha. Ho bohlokwa hore dihwai tsa meutlanyana di be le tataiso ya hore na di sebetsana jwang le mathata a mang a ka nnang a etsahala le ho utlwisisa ditlhoko tsa mmutlanyana pele ho qala.
Ho na le dithuto tsa mantlha tsa meutlanyana Afrika Borwa mme ke kgopolo e ntle ho ba le boitsebiso bo fumanehang pele o eba mohwai wa meutlanyana. Ha diphoofolo tse ngata tseo o rerang ho ba le tsona dihlopha tsa hao, ke habohlokwa haholo ho ba le motho ya ho etelang haeba dintho di sa tsamaye hantle.
E le hantle, haeba malapa a mmalwa motseng a batla ho lema le meutlanyana, setho se seng sa motse seo se lokela ho kgethwa e le “mokwetlisi” mme motho eo o lokela ho ya tseleng ya ho laola meutlanyana.

Translated by Bongani Matabane