E nngwe ya dintho tseo ke di hopolang ke ho bapala dipapadi tsa bana, jwalo ka kgathi le hula hoops, mebileng ya Retreat Cape Town. Re ne re le bana ba batho ba batsho, ba mmala le ba basweu re bapala mmoho. Ke ne ke sa tsebe le hore ke letswallwa ka nako eo.
Ke ile sekolong sa Afrikaans kaba ka utlwisisa puo eo hobane ke holetse ka hara MaAfrkiannere. Ka mora nako, seo sa fetoha. Matsatsing ao, letshwao le bontshang hore o se o le maemong a ho ya sekolong e ne ele hao ne o kgona ho beha letsoho la hao hlohong, mme o tshware tsebe e ka lehlakoreng le leng.
Jwale ha ke tsebe hore ke ne kena le dilemo tse kae ha ke ya sekolong, empa ke ne ke se kele moholo le ho feta dilemo tseo bana ba yang sekolong ka tsona dilemong tsena.
Dintho di ne di le molemo ka nako eo. Bana ba matsatsing ana ba hlalefile haholo. O keke wa etsa letho mme ba tla o botsa hore hobaneng o etsa jwalo. Matsatsing ao, ha o ne o ka botsa motswadi potso eo o ne a tla o shapa a be a re, ‘Ke eng o botsa dipotso potso’? mme e tlaba qete ke ya bona. Matsatsing a jwale, bana ba nale matla a ho buwa, ba ngangisane le wena e ka nako tsohle mme ba nahana ba nale dikarabo.
Jwalo ka bana, re ne re kgotsofetse kaofela ka seo re neng re ena le sona hobane re ne re sa tsebe letho. E ne e le sebaka se setle.
Ho ne hona le jwang ho poloha ntlo le dikilomitara ho tlowa ho ya dithabeng, tse ding di ne di aparetswe ke muru. Ke ile ka kgutla hape ha kena le dilemo tse 53 kapa 54 mme ke ne ke tsamaya ho ya hodimo dithabeng, empa ha ke ne ke le ngwana ke ne nyoloha ka pele kantle ho mathata, jwalo pudi e nyane, tlok,tlok,tlok.
Nna le metswalle yaka re ne re etsa dipopi ka mahlaka a ommeng a tshimu kamora hore peo e kenywe mobung. Re ne re etsa le matlo ka dithupa, re ne re lowa jwang hotswa dithupeng ho etsa bo dule bo otlolohile mme re nka dipalesa tse ntle tshimong ho di kenya dipakeng tsa dithupa.
Ha re ntse rele bana re ne re palama thaba bakeng ho thaba. Hangata re ne re eba bangata ba bonyane 15, mme waka, ntate waka, ausi waka le bana. Re ne re nka dimere tse tshetseng phofo le dinawa ho lo ja hodimo, re ne re di tshela mafura a bitswang Holsum.
Re ne re ena le difariki tse ngata lapeng mme haeba re ne re hlabile e le nngwe re ne re tla nka le nama bakeng sa pikiniki ya rona.
Ha re se re palame bakeng sa hora le halofo re se rele ka hodimo moo re bonang thaba kaofela e potapotile motsana wa St. Mark, noka e arohaneng dikoto ho pota lefatshe leo re leng ka hare ho lona, ka nko e nngwe re bona bolele ba yona le diphoofolo tse hlaha. Ka nako e nngwe re ne re bona ditshepe, empa ha ngata e ne e le diphokojwe.
Dipapadi tseo re neng re di bapala ha re le bana kaofela di ne dile monate, empa ha ke ntse ke hola ke ile ka hlokomela hore ha ke batle ho nyalwa ho hang. Ke ne ke rata thuto, mme ka nka qeto ya ho ba mosuwetsana. Ke tlabe ke ena le mosebetsi o motle,ke thusa bana. ‘O tlameha ho ruteha,’ ntate o ne a dula a mpolella hoo. ‘Tsmaya o ithute ho ngola le ho buwa hantle.
Ke batla bana ba hao ba phele bophelo bo bobebe ho feta baka, ka hoo ithute tsohle ka moo o ka kgonang.’ O ne abuwa hobane a tseba. O sebeditse ka tlase ho lefatshe ha a ntse a hola e le ramorafo, mme ka mora nako a sebetsa ka thata tshimung ya hae a hlokomela dikgomo. E ne e le bophelo bo monate, empa bo thata.
O ne a batla dintho di fapane ho rona. Empa ditakaletso di ne di sa lekana. Ha ke etsa sehlopha sa bohlano, mme waka o ile a hlokahala. Re ne re sa lape hae. Ho ne ho ena le meroho e lekaneng ho tswa tshimung le lebese la dikgomo. Ka morao ho lefu la mme ho ne ho se ho sena diaparo tse lekaneng tsa sekolo, dieta le dibuka.
Ke ne ke ena le kgatello ya maikutlo, mmoho le ntate waka, empa ho ne ho sena seo re ka se etsang. Ke ile ka tlameha ho tlohela sekolo.
Translated by Sebongile Sonopo