Ho etswa sehlopha sa bo nkgono ba lwantshang bofuma le Aids

Alicia Mdaka o hlalosa ka moo ba qadileng sehlopha GAPA (Grandmothers Against Poverty and Aids) le ka moo e ammeng bophelo ba hae.

'Mme wa hao lokela ho tshehetsa mokgatlo ona'

©Eric Miller

Mosebeletsi wa setjhaba ya neng a thusa moradi waka o ile a mo jwetsa ka letsatsi le leng, ‘Tlisa mme wa hao mona. O tlamehile ho ya mokgatlong wa tshehetso’. Ka nako eo, moprofesara Monica Ferrira le ba bang ho tswa Yunivesiting ya Cape Town ba ne ba tlo etsa diphuputso tsa bona ka bophelo ba bo nkgono Afrika Borwa.

Mosebeletsi wa setjhaba o ile a mpolella hore ke lokela ho ba tshwara mme ke tsamaye mokgatlo wa tshehetso oo ba o hokahanyang. E ne e le boikitlaetso ba bona ba ho thusa bo nkgono e le teboho ka ho utlwa tsohle tseo ba ithutileng tsona ka bo nkgono.

Re ile ra qala mokgatlo wa rona wa tshehetso hantle ka morao ho sepetlele sa Michael Mapongwana se Khayelitsha, haufi le police station. Qalong e ne e le bo nkgono ba supileng feela mokgatlong. Ba bang ba bararo ba batla, mme raba ba leshome.

Re ne re ntsha diranta tse 10 mme ra bula buka ya banka lebitsong la GAPA, Grandmothers Against Poverty and Aids, bakeng sa hore re iketsetse tjhelete le hore e re thuse. Re ile ra kgetha lebitso GAPA ka hloko, re shebile mathata ao re nang le ona.

Ho nka qeto ya hore ke eng seo re batlang ho ithuta sona

©Eric Miller

Jwalo ka mokgatlo wa tshehetso, re ile ra nna ra tswela pele ra qala mekgatlo ka hare ho matlo a rona moo re neng re kopana ha nngwe bekeng, mme re ile ra thaota le bo nkgono ba bang. Re ile ra bitsa sena ‘sehlopha sa tlhabollo ya kelello’, moo re neng re mamela, re arolelana, re mamela dipale tsa ba bang.

Mona GAPA re ne re ithuta ka mosebetsi wa HIV, le hore ke eng seo re lokelang ho se etsa ebang bara le baradi ba rona ba re tsebisa hore ba nale kokwana hloko ha ba etswa sepetlele. Hangata boemong bona re tlallwa ke maswabi re ya kgena empa ha ho wa lokela hoba jwalo, hobane ka tsela eo ha re etse ho nepahetseng baneng ba rona ebile ha e re ithuse le ho tsepamisa maikutlo le rona.

Re ile ra nka qeto ya hore re ithute boikwetlisong ka tsela ya ho kgona ho phela letsatsi le letsatsi. Ho bile le dinako tse ngata e sale ke qadile GAPA moo e neng e nketsa ke dule ke phela ke le mafolofolo le ho mpha matla ao ke neng ke a hloka.