Flame Lily
Kgahla ya Afrika

© Graham Cooke

Lebitso

Kgahla ya Afrika (African Flame Lily)

Lebitso la Selatini

Gloriosa superba

Tlhaloso

African Lily ke setlama se hlwang se makala a phatsimang qetellong se ya ikharela mme se ikharella haufi le moru, e kgona le ho sebedisa dimela tse ding ho e tshehetsa. Semela sena se holela ka tlasa lefatshe jwalo ka tapole, eleng se etsang hore e pholohe le nakong e ommeng ya selemo.

Kutu ya sona e hola butle, le ha hole jwalo e shwa hang ha e qeta ho hlahisa ditholwana. Palesa e nale malakabe jwalo ka dipaterole ebile e nale ditho tsa bosadi tse otlolohileng. Dipaterole di hlasimoloha ha lediboho le ikharella morao ho iketsa palesa ekang kgorolo. Mmala wa palesa o fapana ho tlowa bosehleng bo botala ho ya bokgubedung bo kganyang le bosehla. E hola ho fihlela boleleleng ba mitara.

Bodulo

Ho ikharela ha yona ho ba ka hodimo ho majwe kapa tlasa moru mme e rata moru wa difate le o teteyaneng. E mela Leboya le Botjhabela hofihlella Afrika Borwa le Zimbabwe mmoho le botjhabela ba Afrika.

Dintlha tsa tshimo

Flame Lily ke palesa ya setjhaba ya Zimbabwe e bopehile jwalo ka boroutjhu ba taemane, ke ka hoo e ne e fuwe khosatsana eo kajeno e seng ele mofumahadi ha a ne a etetse Rhodesia ka 1947 ele moqhaka. E nkuwa ele palesa e itaolang e kotsi karolong tsa Australia moo e ileng ya ata haholo. Semela sena se nale tjhefu mme se bolaile batho ba bangata