Emerald Riesling

© Vititec

Tlhahiso

E entswe ke UC Davis ka 1948 ho tloha dipakeng tsa Muscadelle le Riesling, Emerald Riesling ke morara o mosweu oo maikemisetso e neng e le ho hlahisa merara e hlahiseng boleng ba Riesling, empa e ne e loketse ho hola maemong a futhumetseng. Le ha hole jwalo ba fuputsi ba bang ba dumela hore batswadi ba nnete ba Emerald Riesling hantle ntle ba Muscadelle le Grenache.

Tlhaho

Dinaheng tsa matjhaba a kopaneng (US).

Mabitso a Mang

Emerald Riesling e ngodisitswe e le 1139 E29 naheng ya California. Morara ona ha o kopane le German Weisser Riesling.

Tlhahiso Aforika Borwa

Lebastere lena la morara le tsebisitswe ka 1981, mme hone ho nahanwa hore le tla kgona ho emela le ho hola maemong a futhumetseng mme le hlahise tatso ya Weisser Riesling. Morara ona o hola hape naheng ya Israel.

Sebaka sa Tlhahiso

Ke di 47ha feela tsa Emerald Riesling tse teng Aforika Borwa, ha 26ha e hola sebakeng sa Robertson. Ha hona rekoto ya dimela e entsweng ka 2016.

Kgolo

E lokiseditswe ho hola ka matla ka tjhai ya 20 - 30ha le ka mokgwa wa ho ballwa bakeng sa sephetho se setle. Boholo ba kgolo e ntjha bo etsahala ka mora kotulu e leng se ratwang ke Oidium. E amoheleha mefuteng yohle ya mobu le dibakeng tse futhumetseng.

Ho Butswa

E kotulwa ka 20 - 22°C nakong ya bohare ba sehla, nako ya yona e tshwana le Chenin Blanc.

Menokotshwai

E botala bo bosweu e kgedikwe. Ha e kotulwa ka metjhini menokotshwai e ka petsoha mme ho kaba le sephetho sa ho lahlehelwa ke lero mme sena sa etsa kotulo ya Emerald e be thata.

Makgasi

Makgasi a itekanetse, a nale marete a mararo le meno a mararo a sa tlwaelehang.
Emerald Riesling ha e kenwe ke ho bola jwalo ka Chenin Blanc mme ha e rata hlobo le Oidium. Semela se senyane se hlahang ka mora kotulo le sona se ka tshaba Oidium.

Tshebediso

Emerald Riesling e ka etswa e le veini e ommeng kapa e nang le tswekere e nyane e tshweu. Kgolo ya yona ha e se e le ka dibotlolong e emela sesupo sa Terpene empa e seng ka matla jwalo ka Weisser Riesling.

Tatso

E hlaloswa jwalo ka tholwana, monko monate le veini e nang le tatso. Emerald Riesling e ka bontsha sebopeho sa palesa le motswako e qetelle ka Riesling – like acidity (7- 9g/l).

Translated by Sebongile Sonopo